Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 3:16 - BIBELE

16 Yaba Moshe o ba bala ho ya ka taelo ya Morena, kamoo a neng a laetswe kateng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Yaba Moshe o a ba ngola ka taelo ya Jehova, le kamoo a neng a laetswe kateng.

Ver Capítulo Copiar




Numere 3:16
11 Referencias Cruzadas  

Bara ba Iseraele ba etsa jwalo. Josefa a ba nea makoloi ho ya ka taelo ya Faro, a ba nea le mofao.


“Bala bana ba Levi ho ya ka matlo a bo-ntata bona, le ka malapa abo bona; o bale e mong le e mong e motona, ho tloha ka ya nang le kgwedi ho ya hodimo.”


Ana ke mabitso a bara ba Levi: Gereshone, le Kohate, le Merari.


Palo ya Balevi bohle ba badilweng, bao Moshe le Arone ba ileng ba ba bala, ho ya ka taelo ya Morena, ho tloha ka ba nang le kgwedi ho ya hodimo, ya eba dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi.


Yaba Moshe o nea Arone le bara ba hae tjhelete ena ya topollo, ho ya ka taelo ya Morena, jwalokaha a ne a laetse Moshe.


Tshebeletso ya bara ba Gereshone e tla ba tlasa taolo ya Arone le bara ba hae, e leng tsohle tseo ba tla di jara, le tsohle tseo ba tla di sebetsa. O tla abela e mong le e mong mosebetsi wa ho jara oo a tla o etsa.


Bana ke ba badilweng ba malapa a bara ba Kohate, e leng bohle ba neng ba sebeletsa ka Tenteng ya Morena, ba badilweng ke bo-Moshe le Arone, ho ya ka taelo eo Morena a e neileng Moshe.


Bana ke ba badilweng ba malapa a bara ba Gereshone, e leng bohle ba neng ba sebeletsa ka Tenteng ya Morena, ba badilweng ke bo-Moshe le Arone, ho ya ka taelo ya Morena.


Bana ke ba badilweng ba malapa a bara ba Merari, ba badilweng ke bo-Moshe, le Arone, ho ya ka taelo eo Morena a e neileng Moshe.


Moshe a abela e mong le e mong mosebetsi wa hae, le seo a tla se jara, ho ya ka taelo ya Morena, mme ba balwa jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.


Baprista, e leng bara ba Levi, ba tla atamela, hobane bona ba kgethilwe ke Morena Modimo wa hao, hore ba mo sebeletse, mme ba hlohonolofatse ka lebitso la Morena. Kgang efe kapa efe, le kotsi efe kapa efe, e tla ahlolwa ho ya ka qeto ya bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos