O ngole bara ba Levi, ka matlo a bontata bona, le ka matlo a bona. O ngole ba batona kaofela, ho qala ka ba nang le kgwedi e le nngwe ho isa ho ba fetang moo.
Ba ngotsweng ba Balevi bao Moshe le Aarone ba ba ngodileng ka taelo ya Jehova, ka matlo a bona, ha ho teanngwa ba batona bohle, ho qala ka ba kgwedi e le nngwe ho isa ho ba fetang moo, ya eba kete tse mashome a mabedi a metso e mmedi.
Tshebetso yohle ya bara ba Bagershone e tla etswa ka taelo ya Aarone le bara ba hae, leha ba jara, leha ba sebetsa. Le tla e bea paballong ya bona, hore ba boloke tsohle tseo ba tlang ho di jara.
Ke bao ba ngodilweng ba matlo a Bakehathe bohle, ba sebetsang ka tenteng ya pokano, e leng bao Moshe le Aarone ba ba ngodileng ka taelo eo Jehova a e neileng Moshe.
Ke bona bao ba ngodilweng ba matlo a bara ba Gershone, bohle ba sebetsang tenteng ya pokano, e leng bao Moshe le Aarone ba ba ngodileng ka taelo ya Jehova.
Ba ngolwa ke Moshe, ka taelo ya Jehova, e mong le e mong ka tshebetso ya hae, e mong le e mong ka phahlo ya hae; ba ngolwa kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng.
Baprista, bara ba Levi, ba tla atamela; hobane ke bona ba kgethilweng ke Jehova, Modimo wa hao, hore ba mo sebeletse le ho hlohonolofatsa ka lebitso la Jehova, le hore dinyewe tsohle le dikotsi tsohle di ahlolwe ke melomo ya bona.