Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 27:17 - BIBELE

17 ya tla se etella pele, ya tla tswa le sona, ya tla kgutla le sona, e le hore setjhaba sa Morena se se ke sa ba jwaloka dinku tse hlokang modisa.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 ya ka ba etellang pele ho tsweng le ho kgutleng, ya ka ba ntshang, ya ka ba kgutlisang, hore phutheho ya Jehova e tle e se ke ya eba jwaloka dinku tse se nang modisa.

Ver Capítulo Copiar




Numere 27:17
19 Referencias Cruzadas  

Mehleng ya ha Saule e ne e le kgosi ya rona, e ne e le wena ya etellang Baiseraele pele ha ba futuha. Morena a na a re ho wena: ‘O tla disa setjhaba sa ka sa Baiseraele, mme o tla ba kgosi ya Iseraele.’ ”


Mmikiya a re: “Ke bona Baiseraele bohle ba qhalakane hodima dithaba, jwaloka dinku tse se nang modisa, mme Morena o re: ‘Bana ha ba na monga bona: Motho ka mong a ipoelle ha hae ka kgotso.’ ”


“Wena, Morena Modimo wa ka, o entse hore nna mohlanka wa hao, ke be kgosi, ke hlahlame Davida, ntate. Empa nna ke sa le ngwana, ha ke tsebe hore na ho buswa jwang.


Le tla teela kgosi hare, motho le motho a tshwere dihlomo tsa hae. Ya tla leka ho le phunyeletsa a bolawe! Le be le kgosi hohle moo e yang teng.”


Ako nnee bohlale le tsebo, e le hore ke tle ke tsebe ho etella setjhaba sena pele, hobane ke mang ya ka tsebang ho busa setjhaba see sa hao se sekaalekaale?”


Mmikiya a re: “Ke bona Baiseraele bohle ba qhalakane hodima dithaba, jwaloka dinku tse se nang modisa, mme Morena o re: ‘Bana ha ba na monga bona: Motho ka mong a ipoelle ha hae ka kgotso!’ ”


Ka baka la ho hloka modisa di qhalane, mme di jewa ke dibatana tsohle tsa naha.


Dipolelo tsa medingwana ke tsa bohata, pono tsa bonwang ke dinohe ke tsa leshano, di bolela toro tse se nang nnete. Matshediso a dinohe tsena ha a na thuso; setjhaba se lelera sa mohlape-maitisi, se tsielehile ke ho hloka modisa.


“Tsoha, wena sabole, o lwantshe modisa wa ka, o lwantshe yena ya haufi le nna!” ho rialo Morena wa mabotho. “Otla modisa, dinku di tle di qhalane; nna ke tla otla le dikonyana.


le mpe le ye dinkung tse lahlehileng tsa ntlo ya Iseraele.


Jesu a araba, a re: “Ha ho moo ke romilweng, haese dinkung tsa ntlo ya Iseraele tse lahlehileng.”


Ha a bona batho, a ba utlwela bohloko, hobane ba ne ba kgathetse matla, ba saretswe jwaloka dinku tse se nang modisa.


Jesu ha a etswa ka sekepeng, a bona letshwelehadi, a le utlwela bohloko, hobane le ne le le jwaloka dinku tse hlokang modisa, mme a qala ho le ruta ditaba tse ngata.


Ke nna monyako; ha motho a kena ka nna o tla pholoswa, mme o tla kena, a tswe, a fumane lekgulo.


A re ho bona: “Kajeno ke na le dilemo tse lekgolo le mashome a mabedi. Ke se ke sitwa ho ya kae kapa kae, mme Morena o itse ho nna: ‘Wena ha o ka ke wa tshela Jorodane.’


Le ne le lahlehile jwaloka dinku, empa jwale le kgutletse ho Modisa le Mookamedi wa meya ya lona.


Ka baka leo, Saule a tlosa Davida ho yena, a mo etsa molaodi wa ba sekete. Davida o ne a futuha, a be a kgutle a ntse a eteletse bahlabani pele.


e le hore le rona re be jwaloka ditjhaba tsohle, kgosi ya rona e re buse, e re etelle pele, e re lwanele dintweng tsa rona.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos