Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 26:5 - BIBELE

5 Rubene, letsibolo la Jakobo. Bara ba Rubene ke Hanoke, ya tswetseng morabe wa Hanoke; le Palo, ya tswetseng morabe wa Palo;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Rubene ke mora wa letsibolo wa Iseraele. Bana ba Rubene ke Henoke; ka yena ho hlahile ntlo ya Bahenoke; Pallu le ntlo ya Bapallu;

Ver Capítulo Copiar




Numere 26:5
11 Referencias Cruzadas  

Lea ya eba moimana, a tswala mora, mme a mo rea lebitso la Rubene, hobane o ne a re: “Ruri Morena o bone matshwenyeho a ka, mme jwale monna wa ka o tla nthata.”


Ha Iseraele a ntse a ahile naheng eo, Rubene a ya robala le Bileha, mosadi wa ntatae wa lefielo, mme Iseraele a tseba taba eo. Jakobo o ne a ena le bara ba leshome le metso e mmedi kaofela.


Bara ba Lea ke: Rubene, letsibolo la Jakobo, le Simeone, le Levi, le Juda, le Isakare, le Sabulone.


Rubene ke yena letsibolo la Iseraele. Empa ka lebaka la ho silafatsa diphate tsa ntatae, tokelo tsa hae tsa boholo di ile tsa newa bara ba Josefa, mora wa Iseraele; ka hona ha a yo lenaneng, ho latela tswalo ya hae.


Bara ba Rubene, letsibolo la Iseraele, ke bana: Hanoke, le Palo, le Heserone, le Karimi.


Ana ke mabitso a dihlooho tsa malapa a Iseraele. Bara ba Rubene, letsibolo la Iseraele, ke Hanoke, le Palo, le Heserone, le Karimi. Ana ke wona malapa a Rubene.


Ha balwa bana ba Rubene, letsibolo la Iseraele, ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo.


“Balang setjhaba sohle, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo, jwalokaha Morena a laetse Moshe.” Bana ke bana ba Iseraele ba neng ba etswa naheng ya Egepeta:


le Heserone, ya tswetseng morabe wa Heserone; le Karimi, ya tswetseng morabe wa Karimi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos