Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 23:24 - BIBELE

24 Bona, setjhaba se tla tlola jwaloka tauhadi, le yena o tla tlola jwaloka tauhadi. E ke ke ya qatjhama e eso je phoofolo, e enwa le madi a se bolailweng.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Ke setjhaba se tsohang jwaloka tau e tshehadi, se itsosang jwaloka tau. Se ke ke sa dula se eso ho harole hlwibilo, se eso ho nwe madi a ba bolailweng.

Ver Capítulo Copiar




Numere 23:24
20 Referencias Cruzadas  

“Benjamine ke phiri e harolakang, hoseng e kgetshela tse bolailweng, mantsiboya e arola kgapo ya yona.”


Juda ke tawana! O nyolohetse thabeng, mora wa ka, o tswa hapa; o a borama, o qatjhama jwaloka tau, mme, jwaloka tauhadi, o ka tsoswa ke mang?


Ka lehlakoreng le leng le le leng la mohato o mong le o mong wa mehato ena e tsheletseng ho ne ho eme tau, kaofela e le ditau tse leshome le metso e mmedi. Ho ne ho eso be mmuso le o mong o kileng wa eba le terone e tjena.


Terone ena e ne e ena le mehato e tsheletseng, e bile e ena le sedulwana sa maoto se entsweng ka kgauta; tsena di ne di bopeletswe teroneng. Ka lehlakoreng le leng le le leng la sedulwana ho ne ho ena le letsoho la ho itshetleha, mme pela matsoho ao ho ena le ditshwantsho tsa ditau tse pedi.


Ba jwaloka tau e labalabelang ho harola, le jwaloka tawana e bothileng selaong.


Ke tau, batana se matla ho feta tsohle, eo ho seng letho leo e ka le balehang;


Morena o bua tjena ho nna: “Ha tau le tawana di puruma hodima sefifi, leha sekgakgatha sa badisana se ka di futuhela, di ke ke tsa tshoswa ke mehoo ya bona, di ke ke tsa nyaroswa ke lerata la bona. Le Morena wa mabotho o tla theoha jwalo, ho tla lwanela Thabeng ya Sione le leralleng la yona.


“Mehleng ya dikgosi tseo, Modimo ya lehodimong o tla thea mmuso o ke keng wa hlola o fediswa, o ke keng wa hlolwa ke ditjhaba tse ding. Mmuso oo o tla thuakanya, o timetse mebuso e meng yohle, empa wona o tla hlola kamehla yohle.


Jwale tau e se e purumile; ya ke keng a tshoha ke mang? Morena Modimo o se a buile; ya ke keng a porofeta ke mang.


Ebe jwale letsaba la tau le hokae? Selao sa ditawana sona se kae? Moo tau e neng e fepela teng ke kae? Moo tawana di neng di ipothela, di ipothela teng, di se na tshabo?


Tau e ne e harola, e fepa ditawana, diphofu e di harolela ditauhadi; matsaba a yona e a tlatsa diphofu, e a tlatsa ka dinama tseo e di harotseng.


“Mohla tsatsi leo, ke tla fetola baholo ba Juda, ke ba etse pitsa e hlenneng hara tetema ya mollo, e ke serumola se tukang hara mangata a koro. Ba tla bolaya ditjhaba tsohle tse e potapotileng, empa Jerusalema yona e tla sala e ntse e ena le baahi moo e leng teng.


Balake a re ho Bileame: “O se ke wa se rohaka ho hang, kapa wa se hlohonolofatsa ho hang.”


“Ke a mmona, empa e seng hona jwale, ke a mmoha, empa a se haufi le nna: Ho tla ropoha naledi e etswa ho Jakobo, ho phahame lere la puso le etswa ho Iseraele; le tla hlathaka bohle ba Moabe, le ripitle bana bohle ba Shete.


“Ho Gade a re: “ ‘Ho ke ho tumiswe ya anafaditseng Gade, Gade o qatjhama jwaloka tauhadi, o harola letsoho kapa lehata.


Empa e mong wa baholo a re ho nna: “O se ke wa lla. Bona, Tau ya leloko la Juda, Lehlomela la Davida, o hlotse. O tla phetla buka le ho kgomarolla dibitielo tse supileng tsa yona.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos