Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 23:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Ke setjhaba se tsohang jwaloka tau e tshehadi, se itsosang jwaloka tau. Se ke ke sa dula se eso ho harole hlwibilo, se eso ho nwe madi a ba bolailweng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

24 Bona, setjhaba se tla tlola jwaloka tauhadi, le yena o tla tlola jwaloka tauhadi. E ke ke ya qatjhama e eso je phoofolo, e enwa le madi a se bolailweng.”

Ver Capítulo Copiar




Numere 23:24
20 Referencias Cruzadas  

Benjamine ke phiri e rusollang; ka hosasa o ja nama ya se bolailweng, mantsiboya a ikarolele thepa.


Juda ke tauana; moraka, o kgutla ho hapeng! o a lalla, o nanara jwaloka tau, le jwaloka tauhadi; ke mang ya ka mo tsosang?


Hape, ditau tse leshome le metso e mmedi di ne di eme ka nqa tse pedi ho methatinyana e tsheletseng. Ha ho a ka ha etswa e jwalo mebusong yohle e meng.


Terone e ne e na le methatinyana e tsheletseng le bonamelo ba maoto ba kgauta bo tshwaraneng le terone; e ne e na le matsoho ka nqa tse pedi ho setulo, le ditau tse pedi di ne di eme pela matsoho.


ba jwaloka tau e lakatsang ho harola, le jwaloka tawana e laletseng letsabeng la yona.


ke tau, mohale hara dibata tsohle, e sa tshabeng letho le letho;


Hobane Jehova o mpoleletse, a re: Jwaloka tau, kapa tawana ha e puruma hodima phoofolo e tshwerweng ke yona, e sa tshohe mehoo ya badisa ba bangata ba e bokanetseng, e sa balehe pela bongata ba bona, ka mokgwa o jwalo, Jehova wa makgotla o tla theoha ho futuhela thaba ya Sione le leralla la yona.


Empa mehleng ya marena ao, Modimo wa lehodimo o tla hloma mmuso o ke keng wa senyeha ka ho sa yeng kae, mme borena ba wona bo ke ke ba fetela ho setjhaba se seng; o tla robaka o fedise mebuso eo kaofela, empa wona o tla ba teng ka ho sa feleng;


Tau e a rora: ya sa tlo tshoha ke mang? Morena Jehova o a bua: ya sa tlo porofeta ke mang?


Letsaba la ditau le kae, leo ditawana di neng di jela ho lona, moo ho neng ho santa tau e tona le e tshehadi le ledinyane la tau, ho se ya ka di tshosang?


Le kae letsaba la tau e neng e harolela madinyane a yona, e fenethela ditau tse tshehadi tsa yona, e be e tlatse maphao a yona nama, e tlatse le matsaba a yona ditopo tse harotsweng?


Ka tsatsi leo, ke tla fetola mahosana a Juda, a be jwaloka sebopi sa mollo hara dipatsi, le jwaloka serumula sa mollo hara mangata a koro, mme a tla ja ka ho le letona le ka ho le letshehadi ditjhaba tsohle tse kamathoko; haele Jerusalema, o tla nne a dule setsheng sa hae, Jerusalema.


Yaba Balake o re ho Balaame: Ha o se na ho se rohaka, o mpe o se ke wa se hlohonolofatsa. Balaame a fetola, a re ho Balake:


Ke a e bona, empa e seng jwale, ke a e boha, empa e seng haufi. Naledi e tswa ho Jakobo, lere la borena le nyoloha Iseraeleng. O hlaba mahlakore a Moabe, mme o timetsa bana bohle ba moferefere;


Haele bakeng sa Gade, a re: Ho bokwe ya phatlalatsang Gade. Gade o ahile jwaloka tau e tshehadi, o harola letsoho le hlooho.


Yaba e mong wa baholo o re ho nna: Se lle; bona, tau ya leloko la Juda, lehlomela la Davida, e hlotse, e tle e tsebe ho phetla buka le ho manolla ditiiso tse supileng tsa yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos