Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 22:23 - BIBELE

23 Ha tonki e bona lengeloi la Morena le eme ka tseleng, le tshwere sabole ka letsohong la lona, tonki ya kgeloha tsela, ya hlahlathela. Empa Bileame a e shapa ho e kgutlisetsa tseleng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Esele ya bona lengeloi la Jehova le eme tseleng, le tshwere lerumo le tsomotsweng letsohong, mme ya kgeloha tsela, ya leba naheng; mme Balaame a otla esele hore e kgutlele tseleng.

Ver Capítulo Copiar




Numere 22:23
11 Referencias Cruzadas  

Yaba Elisha o a rapela, o re: “Morena, ke a o rapela: Ako tutubolle mahlo a mohlankana enwa, hore a bone.” Morena a tutubolla mahlo a mohlankana eo, a bona thaba eo Elisha a leng ho yona e tletse dipere le dikariki tsa ntwa tse tukang malakabe, di potapotile Elisha.


Ha Davida a re mahlo tloha! a bona lengeloi la Morena le eme sepakapakeng, le tshwere sabole, le e kokoseditse hodima Jerusalema. Bo-Davida le baholo ba setjhaba, ba neng ba apere diaparo tse mahwashe, ba obamela fatshe ka difahleho.


Le mokotatsie o fofang hodimo, o tseba nako tsa wona tsa ho falla; leeba le lehaqasi le moholodi, le tsona di tseba nako ya ho oroha, empa molao wa Morena tjhaba sa ka ha se o tsebe.


Ke nna feela ya ileng a bona pono ena. Banna ba neng ba eme le nna bona ha ba a ka ba e bona, empa ba ile ba tshoha haholo hoo ba ileng ba baleha, ba ya ipata.


Kgalefo ya Morena ya tlokoma, hobane Bileame a ile a tsamaya. Lengeloi la Morena la mo thibela tseleng, a ntse a palame tonki ya hae, a ena le bahlanka ba hae ba babedi.


Lengeloi la Morena la ema ka tseleng e tshesanyane, e pakeng tsa dirapa tsa morara. Lerako le ne le le teng ka nqena le ka nqane.


Ba neng ba ena le nna ba ile ba bona lesedi, empa ha ba ya ka ba utlwisisa hore na ya buang le nna o reng.


Yare ha Joshua a le Jeriko a phahamisa mahlo, a tadima, mme a bona monna ya emeng kapele ho yena, a tshwere sabole. Joshua a ya ho yena, mme a re ho yena: “O wa habo rona, kapa o wa direng?”


empa o ile a kgalemellwa phoso ya hae, ha tonki, ntho e sa tsebeng ho bua, e bua jwaloka motho, mme e thibela bohlanya ba moporofeta.


Ba madimabe hakaakang! Ba latetse tsela ya Kaine. Ba itihetse phosong ya Bileame ka baka la ho ipatlela moputso. Ba timetse ka baka la ho hanyetsa jwaloka Kora.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos