Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 22:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Esele ya bona lengeloi la Jehova le eme tseleng, le tshwere lerumo le tsomotsweng letsohong, mme ya kgeloha tsela, ya leba naheng; mme Balaame a otla esele hore e kgutlele tseleng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

23 Ha tonki e bona lengeloi la Morena le eme ka tseleng, le tshwere sabole ka letsohong la lona, tonki ya kgeloha tsela, ya hlahlathela. Empa Bileame a e shapa ho e kgutlisetsa tseleng.

Ver Capítulo Copiar




Numere 22:23
11 Referencias Cruzadas  

Yaba Elisha o rapela, a re: Jehova, tutubolla mahlo a hae hle, a tle a bone. Jehova a tutubolla mahlo a mohlanka, mme a bona thaba e tletse dipere le makoloi a mollo, a teetse Elisha hare ka nqa tsohle.


Davida eitse ha a emisa mahlo, a bona lengeloi la Jehova le eme pakeng tsa lefatshe le lehodimo, le tshwere sabole e bolatsi letsohong la lona, le e otlolletse Jerusalema. Yaba Davida le baholo, ba apere masela a mahwashe, ba itahla fatshe ka difahleho tsa bona.


Haele mokotatsie, o tseba nako ya yona lehodimong, le leeba, le lefokotsane, le moholodi, di nne di lemohe nako ya ho boela ha tsona; empa setjhaba sa ka, ha se tsebe tokelo ya Jehova.


Nna Daniele, ka bona pono eo ke nnotshi, mme banna bao ke nang le bona ha ba ka ba bona pono eo; empa ba tshwarwa ke tshabo e kgolo, ba baleha, ba ipata.


Empa bohale ba Modimo ba tuka kahobane a ile; lengeloi la Jehova la tla ema tseleng, ho mo lwantsha. Balaame o ne a kaletse esele ya hae, mme bahlanka ba hae ba babedi ba ne ba ena le yena.


Empa lengeloi la Jehova la ema mmileng o pakeng tsa masimo a merara; lerako le ne le le teng ka nqa tse pedi.


Jwale, ba nang le nna le bona ba kile ba bona lesedi, mme ba le tshoha, ba mpa ba sa ka ba utlwa lentswe la ya buang le nna.


Eitse Joshua, ha a le haufi le Jeriko, a emisa mahlo, a tadima, a bona monna a eme mabapa le yena, a tshwere lerumo le tsomotsweng ka letsoho la hae. Joshua a tla pela hae, a re ho yena: Na o wa rona, kapa o wa direng tsa rona na?


Empa o ne a kgalemellwe bokgopo ba hae; esele e se nang puo, ya thibela bohlanya ba moporofeta ka lentswe le kang la motho.


Ho madimabe bona, kahobane ba tsamaile ka tsela ya Kaine, mme ba kgelohile ke ho thetswa ke moputso jwaloka Balaame, mme ba timetse ka kganyetso e jwaloka ya Kore.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos