Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 21:6 - BIBELE

6 Yaba Morena o romela dinoha tse mahloko hara setjhaba, tsa loma batho, mme Baiseraele ba bangata ba eshwa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Yaba Jehova o romela setjhaba dinoha tse tjhesang; tsa loma batho, mme ha eshwa batho ba bangata Iseraeleng.

Ver Capítulo Copiar




Numere 21:6
8 Referencias Cruzadas  

Se nyakalleng lona Bafiletsita bohle, la re molamu o neng o le otla o robehile, hoba lelokong la noha eo ho tla tswalwa qowane, yona e tswale kganyapa e fofang ka setsokotsane.


Bona ke boporofeta malebana le dibatana tsa naha e ka Borwa: Naheng ya ditsietsi le ya mahlomola, naheng ya ditau le ditauhadi, ya bo-marabe le ya noha tse mahloko, tse tjhalametsang, maqosa a belesitse maruo a wona hodima ditonki, matlotlo a wona hodima dilota tsa dikamele, a a isetsa tjhaba sena se se nang thuso,


“Ke tla romela dinoha hara lona, ke romele diqowane tseo le ke keng la di upa, mme di tla le loma,” ho rialo Morena.


“Ha nka romela diphoofolo tse hlaha ho feta hara naha eo, mme di bolaya batho, naha e sala e se na motho, ho se le motho ya ka fetang hara yona;


Re se ke ra leka Morena, jwalokaha ba bang ba bona ba ile ba mo leka, mme ba bolawa ke dinoha.


Ke yena ya le tsamaisitseng lehwatateng le leholo, le tshabehang, moo ho nang le dinoha tse mahloko a bohale, le diphepheng; le naheng e omeletseng, moo ho neng ho se na metsi, empa a le fa metsi a tswang lefikeng la morallana.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos