Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 21:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Yaba Jehova o romela setjhaba dinoha tse tjhesang; tsa loma batho, mme ha eshwa batho ba bangata Iseraeleng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Yaba Morena o romela dinoha tse mahloko hara setjhaba, tsa loma batho, mme Baiseraele ba bangata ba eshwa.

Ver Capítulo Copiar




Numere 21:6
8 Referencias Cruzadas  

Wena naha ya Filistia, o se ke wa thaba, ke hobane thupa e neng e o otla e robehile; hobane motsong wa noha ho tla tswa qowane, mme tholwana ya yona e tla ba drakone e fofang.


Boporofeta hodima diphoofolo tsa borwa. Naheng ya tsietsi, ya mahlomola, ya tau e tshehadi le tau e tona, ya qowane le noha e fofang, ba belesa matlotlo a bona ka diesele, le maruo a bona mekokotlong ya dikamele, ho ya tjhabeng seo ba ke keng ba kotula letho ho sona.


Hobane, bonang, ke romela hara lona dinoha le diqwaane tse se nang ho upjwa, mme di tla le loma, ho bolela Jehova.


Leha ke be nka tlisa dilalome tse bohale lefatsheng lena, tsa timetsa batho ba lona, la tla la senyeha ka baka la dibatana, motho a ba a sitwa ho feta ka lona,


Le hona re se ke ra leka Kreste, jwaloka ba bang hara bona ba kileng ba mo leka, mme ba bolailwe ke dinoha.


ya o tsamaisitseng nahathothe eo e kgolo, e tshabehang, e nang le dinoha tse tjhesang le diphepheng, naha e omeletseng, e se nang metsi; Jehova, ya o ntsheditseng metsi lefikeng le thata,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos