Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 2:17 - BIBELE

17 “Jwale Tente ya Morena e tla tloha e jerwe, mokgetho wa Balevi o tsamaye pakeng tsa mekgetho e mmedi e kapele, le e mmedi e kamorao; mekgetho e tsamaye ka ho hlahlamana, jwalokaha e ne e hlahlamantswe ha ho hlongwa; monna e mong le e mong a be sebakeng sa hae, pela mokgele wa hae.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Jwale, ho ntoo tloha tente ya pokano le Balevi, ba le mahareng a matlo a mang; ba tla tsamaya ka mokgwa oo ba emisang ka wona, e mong le e mong ka ho boloka baka sa hae, tlasa folaga ya habo.

Ver Capítulo Copiar




Numere 2:17
8 Referencias Cruzadas  

Yaba Tente ya Morena e a kgokgothollwa, mme bara ba Gereshone le bara ba Merari, ba neng ba jara Tente ya Morena, ba tswela pele leetong.


Jwale ba morabe wa Kohate, ba neng ba jara dintho tse halalelang, ba tswela pele leetong, mme Tente ya Morena e ile ya hlongwa pele ba fihla.


Morena a bua ho Moshe le ho Arone, a re:


“Ba nkileng mokgele wa mokgetho wa Efraime, ho ya ka mabotho a bona, ba be ka lehlakoreng le ka bophirimela. Kgosana ya bana ba Efraime e tla ba Eleshama, mora wa Amihude.


Ba neng ba emisa ka botjhabela, kapele ho Tente ya Morena, e ne e le Moshe, le Arone, le bara ba Arone, ba neng ba sebeletsa ka Sehalalelong bakeng sa bana ba Iseraele. E mong osele ya ka atamelang o tla bolawa.


Tsohle di etswe ka tshwanelo le ka molao.


Le hoja ke le siyo ka seqo, ke ntse ke ena le lona ka moya, mme ke thabela ho bona kamoo le itlhophisitseng, le tiileng kateng tumelong ya lona ho Kreste.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos