Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 18:32 - BIBELE

32 Ha le ka ke la jara sebe haeba le nyehetse ka karolo e ntle ka ho fetisisa. Le se ke la silafatsa dintho tse halalelang tsa bana ba Iseraele, esere la shwa.’ ”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Le ke ke la bewa molato le o mong bakeng seo, mme etlere ha le nkile se leng molemo, le se ke la senya dikabelo tse kgethehileng tsa bana ba Iseraele, le tle le se tshohe le eshwa.

Ver Capítulo Copiar




Numere 18:32
10 Referencias Cruzadas  

Arone le bara ba hae ba a tene ha ba kena ka Tenteng ya Morena, kapa ha ba atamela aletareng ho ya sebeletsa Sehalalelong. Ka mokgwa o jwalo ba ke ke ba jara molato, yaba ba a shwa. “Molao ona ke wa mehla yohle ho yena, le ho ditloholo tsa hae.”


Mang kapa mang ya se jang, o tla jara bokgopo ba hae, hobane o tla be a silafaditse ntho e halalelang ya Morena. Motho eo o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.


“Bolella Arone le bara ba hae hore ba hlomphe dintho tse halalelang, tseo bana ba Iseraele ba nkgethelang tsona, esere ba silafatsa lebitso la ka le halalelang, Ke nna Morena.


“Aletareng ya ka le nyehela ka dijo tse silafetseng. “Empa le a mpotsa, le re: ‘Re o hlompholotse jwang?’ “Ke ha le re tafole ya Morena e a eiseha.


Ho tloha jwale, bana ba Iseraele ba se hlole ba atamela Tente ya Morena, esere ba jara sebe, mme ba shwela moo.


Lona le ba malapa a lona le ka se jella dibakeng tsohle, hobane ke moputso wa lona wa tshebeletso ya lona ka Tenteng ya Morena.


Morena a bua ho Moshe, le ho Arone, a re:


Ka baka leo, mang kapa mang ya jang bohobe ba Morena, kapa ya nwelang senwelong sa Morena ka mokgwa o sa lokelang, o tla be a sitelwa mmele le madi a Morena.


Ya jang le ya nwang a sa kgetholle hore ke mmele wa Morena, o ipitsetsa kahlolo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos