Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 18:32 - Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Le ke ke la bewa molato le o mong bakeng seo, mme etlere ha le nkile se leng molemo, le se ke la senya dikabelo tse kgethehileng tsa bana ba Iseraele, le tle le se tshohe le eshwa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

32 Ha le ka ke la jara sebe haeba le nyehetse ka karolo e ntle ka ho fetisisa. Le se ke la silafatsa dintho tse halalelang tsa bana ba Iseraele, esere la shwa.’ ”

Ver Capítulo Copiar




Numere 18:32
10 Referencias Cruzadas  

Aarone le bara ba hae ba ke ba a tene, ha ba kena tenteng ya pokano, leha ba atamela aletareng, ho phetha tshebeletso ya sehalalelo, ba tle ba se ke ba etsa molato, mme ba se ke ba eshwa; ke taelo e sa feleng, e neilweng yena le ditloholo tsa hae tse tla mo hlahlama.


Ya tlang ho se ja, o tla jara boima ba molato wa hae, hobane o nyefotse se kgethetsweng Jehova; motho eo o tla tloswa hara setjhaba sa habo.


Bolella Aarone le bara ba hae hore, ba itemohele bakeng sa dintho tse halalelang, tseo ke di kgethelwang ke bana ba Iseraele, mme ba se ke ba hlompholla lebitso la ka le halalelang. Ke nna Jehova.


Le hlahisa sejo se sebe aletareng ya ka, mme le re: Re o hlompholotse kang? Ke ha le re: Tafole ya Jehova e a nyatseha.


Bana ba Iseraele ba ke ke ba hlola ba atamela tente ya pokano, esere mohlomong ba ipakela molato, mme ba eshwa.


Le tla bo ja kae le kae, lona le ba matlo a lona; hobane ke moputso wa lona bakeng sa tshebetso eo le e etsang tenteng ya pokano.


Jehova a bua le Moshe le Aarone, a re:


Ka baka leo, mang le mang ya jang bohobe boo, kapa ya nwelang senwelong sa Morena ka mokgwa o sa tshwanelang, o tla ba le molato wa mmele le wa madi a Morena.


Hobane ya jang, le ya nwang ka mokgwa o sa tshwanelang, o itjella, o inwella tsuo, hobane a sa lemohe mmele wa Morena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos