Numere 15:15 - BIBELE15 Ho tla ba le molao o le mong ho setjhaba, le ho mojaki ya jakileng hara lona. Ona ke molao wa mehla yohle melokong ya lona. Seo le leng sona, le mojaki o tla ba sona kapele ho Morena. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)15 Molao o tla ba mong wa phutheho, wa lona le wa moditjhaba ya aheletseng hara lona; e be molao wa kamehla melokong ya lona; kamoo ho leng kateng bakeng sa lona, le bakeng sa modijhaba ho tla ba jwalo pela Jehova. Ver Capítulo |
Baiseraele bohle, le baholo ba bona, le baokamedi ba bona, le baahlodi ba bona, le bajaki, le matswallwa a naha, ba ema ka mahlakoreng a mabedi a areka ya selekane, kapele ho baprista e leng Balevi, ba jarang areka ya selekane sa Morena. Karolo e nngwe ya setjhaba e ne e tadimile thabeng ya Gerisime, mme karolo e nngwe e tadimile thabeng ya Ebale, jwalokaha Moshe, mohlanka wa Morena, a ne a ba laetse ho etsa jwalo ha ba hlohonolofatsa setjhaba sa Iseraele e le lekgetlo la pele.