Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 15:16 - BIBELE

16 Molao o tla ba mong, le taelo e tla ba nngwe ho lona le ho mojaki ya jakileng hara lona.’ ”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Molao o tla ba mong le mokgwa o tla ba mong ho lona le ho moditjhaba ya aheletseng hara lona.

Ver Capítulo Copiar




Numere 15:16
8 Referencias Cruzadas  

“Le moditjhaba eo e seng wa setjhaba sa hao sa Iseraele, o tla tla ka baka la lebitso la hao, a etswa naheng e hole,


Molao o tla ba mong ho letswallwa la naha le ho moditjhaba ya jakileng hara lona.”


Le tla ba le molao o le mong o ahlolang mojaki le letswallwa la naha ka ho tshwana, hobane ke nna Morena Modimo wa lona.’ ”


“ ‘Ha e mong wa bafo, a etsa sebe e se ka morero, ka ho tlola o mong wa melao ya Morena, o molato.


Morena a bua ho Moshe, a re:


Metseng ena e tsheletseng ke moo ho tla tshabela bana ba Iseraele, le ba jakileng hara bona, le baditjhaba; ke hore e mong le e mong ya bolayang motho e se ka morero o tla tshabela teng.’ ”


“ ‘Ha mojaki ya jakileng hara lona a rata ho etsetsa Morena mokete wa Paseka, o tla o etsa ho ya ka taelo ya wona le ka molao wa wona; a o etse jwalo. Le tla ba le molao o le mong bakeng sa mojaki le bakeng sa letswallwa la naha.’ ”


Baiseraele bohle, le baholo ba bona, le baokamedi ba bona, le baahlodi ba bona, le bajaki, le matswallwa a naha, ba ema ka mahlakoreng a mabedi a areka ya selekane, kapele ho baprista e leng Balevi, ba jarang areka ya selekane sa Morena. Karolo e nngwe ya setjhaba e ne e tadimile thabeng ya Gerisime, mme karolo e nngwe e tadimile thabeng ya Ebale, jwalokaha Moshe, mohlanka wa Morena, a ne a ba laetse ho etsa jwalo ha ba hlohonolofatsa setjhaba sa Iseraele e le lekgetlo la pele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos