Numere 13:27 - BIBELE27 Ba bolella Moshe, ba re: “Re ile ra fihla naheng eo o neng o re romme ho yona; ruri ke naha e phallang lebese le mahe a dinotshi, mme tsena ke ditholwana tsa naha eo. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)27 Ba bolella Moshe, ba re: Re ile naheng eo o re rometseng ho yona; ruri, ke naha e kollang lebese le dinotshi; ke tsena ditholwana tsa teng. Ver Capítulo |
Ka dilemo tse mashome a mane bana ba Iseraele ba ne ba nnile ba lelera lehwatateng, ho fihlela tjhaba sohle se timela, esita le bahlabani ba ileng ba tswa Egepeta, hobane ba ne ba sa ka ba mamela lentswe la Morena. Morena o ne a ile a ba hlapanyetsa hore a ke ke a ba dumella ho bona naha eo Morena a ileng a hlapanyetsa bo-ntata bona hore o tla re nea yona, e leng naha e phallang lebese le mahe a dinotshi.