Numere 13:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)27 Ba bolella Moshe, ba re: Re ile naheng eo o re rometseng ho yona; ruri, ke naha e kollang lebese le dinotshi; ke tsena ditholwana tsa teng. Ver CapítuloBIBELE27 Ba bolella Moshe, ba re: “Re ile ra fihla naheng eo o neng o re romme ho yona; ruri ke naha e phallang lebese le mahe a dinotshi, mme tsena ke ditholwana tsa naha eo. Ver Capítulo |
Hobane bana ba Iseraele ba ne ba tsamaile ka dilemo tse mashome a mane feelleng, letshwele lohle la bahlabani ba tswileng Egepeta la ba la fela, kahobane ba ne ba sa ka ba utlwa lentswe la Jehova; ke bona bao Jehova a neng a ba hlapanyeditse, a re, a ke ke a ba bontsha lefatshe leo Jehova a le abetseng bontata bona ka kano, e leng lefatshe le kollang lebese le dinotshi.