Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 11:25 - BIBELE

25 Yaba Morena o theoha a le lerung, o bua ho Moshe. A nka karolo e nngwe ya Moya o ho Moshe, a e abela banna ba mashome a supileng, bao e leng baholo. Eitse ha Moya o dula hodima bona, ba porofeta, empa ba ba ba kgaotsa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Jehova a theoha lerung, a bua le yena, a nka moyeng o leng hodima Moshe, a o bea hodima baholo ba mashome a supileng. Eitse hobane moya o dule hodima bona, hang ba hla ba porofeta; empa ba se ke ba hlola ba pheta.

Ver Capítulo Copiar




Numere 11:25
28 Referencias Cruzadas  

Ha sehlopha sane sa baporofeta ba neng ba dula Jeriko, ba neng ba ntse ba mo shebile, ba bona hoo, ba re: “Matla a Elia a theohetse hodima Elisha.” Ba tla ho mo kgahlanyetsa, ba obamela fatshe kapele ho yena.


Wa ba romela Moya wa hao o molemo ho ba ruta, wa se ke wa ba tima manna a hao, wa ba fa metsi ho tlosa lenyora.


a bua le bona a le hara leru; ba boloka ditemoso tsa hae, le ditaelo tseo a ba fileng tsona.


Jwale ako se tshwarele sebe sena sa sona hle! Ho seng jwalo hlakola lebitso la ka bukeng eo o e ngotseng.”


Morena a theoha a le kahara leru, a ema le Moshe hona moo, mme Moshe a bitsa lebitso la Morena.


Motsheare leru la Morena le ne le eba hodima Leaho, mme bosiu mollo o ne o ye o be teng lerung, moo bana bohle ba Iseraele ba bonang, maetong wohle a bona.


ke ha ba hopola matsatsi a fetileng, ba hopola Moshe le tjhaba sa habo, ba re: “O kae ya neng a tshedise modisa, a mo tshedisa le mohlape wa hae lewatleng? O kae ya neng a theole Moya o Halalelang wa hae, a o theolela hodima Moshe?


Kapele ho tsona ho ne ho eme baholo ba ntlo ya Iseraele ba mashome a supileng, mme Jaasaneya, mora wa Shafane, a eme hara bona, e mong le e mong wa bona a tshwere pitsana ya mokubetso, ho foqoha mosi wa mokubetso o entse leru.


Ke tla theohela teng, ke bue le wena. Ke tla nka karolo e nngwe ya moya o ho wena, ke ba abele yona. Ba tla jarisana mojaro wa setjhaba sena le wena, hore o se ke wa o jara o le mong.


Morena a theoha a le kahara leru le lopaletseng, a ema monyakong wa Tente, a bitsa Arone le Meriama, mme bobedi ba bona ba tla.


Moshe a ema, a ya ho Datane le ho Abirame, mme baholo ba Iseraele ba ya le yena.


Ha a phahamisa mahlo, a bona Baiseraele ba hlomile ho ya ka meloko ya bona. Moya wa Modimo wa mo fihlela,


Morena a re ho Moshe: “Nka Joshua, mora wa Nune, monna ya nang le Moya wa ka, o mmee matsoho,


E mong wa bona ya bitswang Agabuse, a ema, a dupa ka Moya o Halalelang hore ho se ho tla ba le tlala e kgolo lefatsheng lohle; ya fela ya eba teng mehleng ya ha ho ne ho busa Tlelaudiose.


Eka kgona baporofeta ba laole moya wa boporofeta oo ba nang le wona,


Neo e nngwe le e nngwe e molemo, le mpho e nngwe le e nngwe e phethehileng, di tswa hodimo, di theoha ho Ramasedi, eo ho yena ho seng phetoho leha e le phifalo.


hobane ha ho eso be boporofeta bo kileng ba tla ka thato ya motho le ka mohla, empa e bile ka ho susumetswa ke Moya o Halalelang batho ba ileng ba bolela tse tswang ho Modimo.


Moya wa Morena wa theohela hodima hae, ya eba moahlodi wa Baiseraele. A futuha, mme Morena a neelana ka Kushane-Rashataime, kgosi ya Arame, matsohong a hae. Oteniele a hlola Kushane-Rashataime.


Ha ba fihla leralleng, ba bona sehlopha sa baporofeta se etla ho yena. Moya wa Morena wa theohela hodima Saule ka matla, mme le yena a porofeta a le hara bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos