Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 11:24 - BIBELE

24 Moshe a tswa, a bolella setjhaba mantswe a Morena. A phutha banna ba mashome a supileng ba bao e leng baholo ba setjhaba, a ba emisa ho potapota Tente ya Morena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Yaba Moshe o a tswa, a phetela setjhaba mantswe a Jehova; a kgetha ho baholo ba setjhaba banna ba mashome a supileng, mme a ba emisa ba teela tente hare.

Ver Capítulo Copiar




Numere 11:24
3 Referencias Cruzadas  

A leleka motho. Ka botjhabela ho serapa sa Edene a bea dikerubime, le sabole e tukang malakabe, e tsokotsehelang ka nqa tsohle, ho lebela tsela e yang sefateng sa bophelo.


Morena a re ho Moshe: “Ntlisetse banna ba mashome a supileng, bao e leng baholo ba setjhaba sa Iseraele, bao o tsebang hore ke baholo le baokamedi ba setjhaba sa Iseraele. O ba tlise ka Tenteng ya Morena, ba eme teng hammoho le wena.


Empa banna ba babedi ba ne ba setse diahelong. Lebitso la e mong wa bona e ne e le Eledade, la e mong e le Medade. Le bona Moya o ile wa dula hodima bona. E ne e le ba bang ba ba neng ba ngotswe bukeng, empa bona ba sa ka ba ya ka Tenteng ya Morena; yaba bona ba porofeta ba le diahelong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos