Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 7:7 - BIBELE

7 Ba ne ba tle le Serubabele, le Jeshua, le Nehemia, le Asariya, le Raamiya, le Nahamani, le Moredekai, le Bileshane, le Miseperete, le Bigifai, le Nehume, le Baana. “Palo ya banna ba setjhaba sa Iseraele ke ena:

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 ba tlileng le Sorobabele, le Joshua, le Nehemia, le Asaria, le Raamia, le Nahamani, le Mordekai, le Bilshane, le Misperethe, le Bigvai, le Nehume, le Baana. Palo ke ena ya banna ba setjhaba sa Iseraele:

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 7:7
15 Referencias Cruzadas  

Ba ne ba tle le Serubabele, le Jeshua, le Nehemia, le Seraya, le Reelaya, le Moredekai, le Bileshane, le Misepara, le Bigifai, le Rehume, le Baana. Palo ya banna ba setjhaba sa Iseraele ke ena:


Yaba bo-Serubabele, mora wa Shealetiele, le Jeshua, mora wa Josadake, ba a ema, ba qala ho haha Tempele ya Morena, Jerusalema. Baporofeta ba Modimo ba ne ba ena le bona, ba ba thusa.


Batho bana ke bona baetapele ba ileng ba aha Jerusalema. E ne e le Baiseraele ba bang, le baprista, le Balevi, le basebeletsi ba Tempele, le ditloholo tsa bahlanka ba Solomone, athe ba bang bona ba ile ba aha metseng ya habo bona, e naheng ya Juda.


Bana ke baprista le Balevi ba ileng ba kgutla le Serubabele, mora wa Shealetiele, le Jeshua: Seraya, le Jeremia, le Esera,


Jeshua a tswala Joyakime, Joyakime a tswala Eleashibe, Eleashibe a tswala Joyada,


le Shekaniya, le Rehume, le Meremote,


le Salo, le Amoke, le Hilekiya, le Jedaya. Bana e ne e le dihlooho tsa baprista, le tsa bana babo bona, mehleng ya Jeshua.


Yaba kgosi e re ho nna: “Ke ka lebaka lang ha o bonahala o hlorile, empa o sa kule? Hona ho supa hore moya wa hao o a ngongoreha.” Yaba ke tshoha haholo.


“Bana ke baahi ba naha ya Juda, bao Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a neng a ile a ba thopa, a ba isa Babilona. Jwale ba boela ba kgutlela Jerusalema, le naheng ya Juda; motho ka mong a kgutlela motseng wa habo.


Ba lelapa la Paroshe e ne e le dikete tse pedi le lekgolo, le mashome a supileng a metso e mmedi;


Difahleho tsa tsona di ne di le jwalo. Mapheo a tsona a ne a thathaletse, a lebile hodimo. Mapheo a mabedi a sebopuwa ka seng a ne a thetsana le a sebopuwa se seng, mme mapheo a mang a mabedi a kwahetse mmele.


Ka letsatsi la pele la kgwedi ya botshelela, ka selemo sa bobedi sa puso ya kgosi Dariuse, lentswe la Morena la fihla ka moporofeta Hagai ho Serubabele, mora wa Shealetiele, mmusisi wa Juda; le ho Joshua, mora wa Jehosadake, Moprista e Moholo, la re:


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos