Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 7:6 - BIBELE

6 “Bana ke baahi ba naha ya Juda, bao Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a neng a ile a ba thopa, a ba isa Babilona. Jwale ba boela ba kgutlela Jerusalema, le naheng ya Juda; motho ka mong a kgutlela motseng wa habo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ke bana batho ba naha ba kgutlileng kgolehong ba neng ba isitswe kgolehong ke Nebukadnesare, morena wa Babilona, ba boetseng ba kgutletse Jerusalema le Juda, e mong le e mong motseng wa habo,

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 7:6
10 Referencias Cruzadas  

Jwale Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a thopa batho ba neng ba setse motseng, le baphaphathehi ba ileng ba ineela ho kgosi ya Babilona, le masalla a ditsebi tsa mosebetsi wa matsoho.


“Kgosi e ke e tsebe hore re ile ra ya naheng ya Juda, Tempeleng ya Modimo e moholo. Tempele eo e ntse e hahwa ka majwe a maholo, mme maboteng a yona ho ntse ho manehwa mapolanka. Mosebetsi oo o etswa ka makgethe, mme o a atleha.


Motseng wa Ahemeta, ka tlung ya kgosi e naheng ya Bamede, ha fumanwa lengolo. Ho lona ho ne ho ngotswe tjena:


Yaba ba re ho nna: “Masalla a setseng naheng e kamose wane, ha ba bang ba thopuwa, a hara ditlokotsi tse kgolo, le sekgobo. Lerako la Jerusalema le lona le heleditswe, le mamati a teng a tjhesitswe.”


Ba ne ba tle le Serubabele, le Jeshua, le Nehemia, le Asariya, le Raamiya, le Nahamani, le Moredekai, le Bileshane, le Miseperete, le Bigifai, le Nehume, le Baana. “Palo ya banna ba setjhaba sa Iseraele ke ena:


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos