Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Moeklesia 6:3 - BIBELE

3 Ha monna a ka tswala bana ba lekgolo, mme a phela dilemo tse ngata, ha ho tsotellehe hore na o phela halelele hakae, haeba a ke ke a ithabisa ka maruo ao a hae, le phupu ya hae ya eba e tlontlollang, nna ke re sefolotsana se lehlohonolo ho mo feta.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Le hoja motho a ne a ka tswala bana ba lekgolo, a phela lemo tse ngata, ditshiu tsa dilemo tsa hae tsa atiswa, ha moya wa hae o mpa o sa kgore bomadimatle, mme a hloka le lebitla, ke re, esita le sefolotsana se mo feta ka lehlohonolo;

Ver Capítulo Copiar




Moeklesia 6:3
23 Referencias Cruzadas  

Yare ha Esau a phahamisa mahlo, mme a bona basadi le bana, a re: “Ke bo-mang baa ba nang le wena?” Jakobo a re: “Ke bana bao Modimo a ba fileng mohlanka wa hao ka mohau.”


Jakobo a re ho Faro: “Dilemo tsa bojaki ba ka mona lefatsheng ke lekgolo le mashome a mararo. Dilemo tsa bophelo ba ka di bile kgutshwanyane, tsa eba thata, mme ha di a fihla dilemong tseo bo-ntate ba di phetseng.”


Akabe o ne a ena le bara ba mashome a supileng motseng wa Samaria. Jehu a ngola mangolo, a a romela Samaria ho babusi ba motse, le ho baholo ba setjhaba, le ho bahodisi ba bana ba Akabe. Mangolong ao o ne a itse:


Ba tsamaya, ba re ba ya mo epela, empa ba se ke ba fumana letho la setopo sa hae haese lehata, le maoto, le diatla tsa hae feela.


Morena o mphile bara ba bangata, mme hara bara bohle o kgethile Solomone, mora wa ka, ho dula teroneng ya mmuso wa Morena, a buse Iseraele.


Rehoboame o ne a rata Maaka, moradi wa Abosalome, ho feta basadi bohle ba hae, le basadi ba hae ba mafielo. O ne a nyetse basadi ba leshome le metso e robedi, le basadi ba mafielo ba mashome a tsheletseng. A tswala bara ba mashome a mabedi a metso e robedi, le baradi ba mashome a tsheletseng.


Hamane a ba phetela tsa bongata ba maruo a hae, le kamoo bara ba hae ba leng bangata kateng, le mesebetsi yohle eo kgosi e mo phahamiseditseng ho yona, le kamoo e mmeileng ho okamela mahosana le bahlanka ba kgosi kateng.


Yaba ba fanyeha Hamane hona sefateng sona seo Hamane a neng a se etseditse Moredekai. Jwale kgalefo ya kgosi ya kokobela.


“Ke hobaneng ke sa shwelang popelong? Ke hobaneng ke sa shwang ha ke tswalwa?


ke epetswe jwaloka sefolotsana, jwaloka lesea le eso bone lesedi.


Ba ke ba nyamele sa metsi a phallang, ba ke ba omelle sa jwang bo hataketsweng.


Ditloholwana ke mofapahlooho, mofapahlooho a boraputswe, bana ba ithaba ka batswadi ba bona.


Bobedi ba fetwa ke ya eso tswalwe, ya eso ka ba a bona bokgopo, bokgopo bo etswang mona lefatsheng!


Ho tswalwa ha sona ke lefeela, se shwella lefifing, lebitso la sona ha le tsejwe.


Phupu ya hae e tla tshwana le ya tonki, a hulanngwe, a lahlelwe kantle, a akgelwe thoko ho kgoro tsa Jerusalema.”


Ka baka leo, Morena o bua tjena ka Jehoyakime, kgosi ya Juda: ‘Jehoyakime ha a na ho ba le mora ya tla dula teroneng ya Davida; setopo sa hae se tla lahlelwa ntle, motsheare se tjheswe ke lebatama la letsatsi, bosiu se lalwe ke serame.


A tla beelwa letsatsi le kgwedi le dinaledi tsohle tsa lehodimo, e leng tseo beng ba masapo ana ba neng ba di rata, ba di sebeletsa, tseo ba neng ba di sala morao, ba kopa thuso ho tsona, ba di kgumamela. Ha a ka ke a bokellwa kapa a epelwa hape; a tla tshwana le kgapane e tletsatletseng hara naha.


Ha e le Mora Motho, o ikela jwalokaha ho ngotswe ka yena, empa ho madimabe motho eo Mora Motho a tla ekwa ke yena. Ho ka be ho bile molemo ho yena hoja a se ke a tswalwa.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos