Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Moeklesia 6:2 - BIBELE

2 Modimo o fa motho leruo, matlotlo le tlotla, hoo a sa haellweng ke letho la tseo a di labalabelang, empa Modimo ha a ke a mo fa matla a hore tsena a di je, ebe di jewa ke motho e mong. Hona ke lefeela, ke bobe bo otlang pelo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 ke hoba, ereha Modimo o neile motho leruo le menono le kganya, ho fihlela a sa hlokele bophelo ba hae letho leha le le leng la tsohle tseo a ka di lakatsang, Modimo ha o mo nee sebaka sa ho ja letho la teng; ke osele ya tla ya. Hoo ke lefeela, hape ke kotsi e bohloko.

Ver Capítulo Copiar




Moeklesia 6:2
24 Referencias Cruzadas  

Hape ke o nea le seo o sa kang wa se kopa. Ha o sa ntse o phela, ke tla o nea maruo le tlotla, e leng tseo ho eso be le kgosi e kileng ya eba le tsona.


Morena a phahamisa Solomone haholo mahlong a Baiseraele bohle; a mo apesa botlotlehi boo ho seng kgosi e neng e kile ya eba le bona, naheng ya Iseraele, pele ho yena.


A shwa a se a tsofetse haholo, a phetse dilemo tse ngata, a bile le maruo, mme a hlompheha. Solomone, mora wa hae, a mo hlahlama.


Modimo a re ho Solomone: “Kaha o kopile se ka pelong ya hao, o sa ikopela matlotlo, kapa maruo, kapa tlotla, kapa hore dira tsa hao di timetswe, kapa hore o phele halelele, o mpa o ikopetse bohlale le tsebo, hore o tle o tsebe ho busa setjhaba sa ka, seo ke o beileng ho ba kgosi ya sona,


ka letsoho la hao mpholose Morena, mpholose ho batho bana ba lefatshe, bao moputso wa bona o leng bophelong bona. Ba kgorise sa mpanaphatloha, ba kgorise ka tseo o ba boloketseng tsona; le bana ba bona ba tla di kgotsofalla, ba tle ba di siele le ditloholo tsa bona.


Bona, matsatsi a ka o a lekantse, o a lekantse ka bophara ba seatla, bolelele ba bophelo ba ka hase letho mahlong a hao. Ruri motho ya phelang ke lefeela.


Mahlo a bona a rotolohile ke mafura, ka dipelong ba tletse mehopolo ya bowatla.


Ka hlokomela hore boikitlaetso bohle le katleho yohle, di tswalwa ke ho honohelana ha batho. Hona le hona ke lefeela le tshwanang le ho lelekisa moya feela.


Motho ya mong to! ka monwana, ke eo, ha a na mora, ha a na ngwanabo, o sebetsa ka thata a sa kgaotse, le yena ka boyena ha a kgotsofalle leruo la hae. Jwale o a ipotsa: “Ke sebeletsa mang, ha ke itima tsa boithabiso?” Le hona ke lefeela, ke ho sebeletsa lelea!


Ho na le bobe bo otlang pelo, boo ke bo boneng mona lefatsheng: Motho o bokella leruo le tlise bosoto,


Hona le hona ke bobe bo otlang pelo: Motho o ikela a le feela sa ha a tswalwa; ebe o fumaneng ka ho sebeletsa lelea?


Yaba ke bona hore ho molemo, ho bile ho lokile hore ka matsatsi a seng makae a bophelo, ao Modimo a mo neileng wona, motho a je, a nwe, a ithabise ka tsohle tsa mosebetsi wa matsoho a hae mona lefatsheng, hobane hoo ke yona kabelo ya hae.


Hape ke mpho ya Modimo ho motho ka mong eo Modimo a mo fileng leruo le matlotlo le matla hore a ithabise ka wona, mme o lokela ho amohela kabelo eo ya hae, a ithabise ka tsa mosebetsi wa matsoho a hae.


Le senyetsang tjhelete ka tseo e seng bohobe? Dintho tse sa kgotsofatseng, keng ha le di sebeletsa ka thata? Mmameleng ka hloko, le je tse molemo, meya ya lona e ithabise ka tse monate.


Naha ya rona e hapilwe ke baditjhaba, melata e ikabile ka malapa a rona.


“Oho, wena kgosi, Modimo ya hodimodimo o ne a nee ntatao Nebukadenesare, mmuso le botlotlehi le tlotla le hlompho.


Matla a hae a jelwe ke baditjhaba, empa hoo yena ha a ho lemohe. Hlooho e se e le marasi a ho taba, empa le hoo ha a ho lemohe.


Ditholwana tsa naha ya heno, le matla wohle a hao, tsena di tla jewa ke setjhaba seo o sa se tsebeng, empa wena o tla hatellwa, o robokelwe kamehla.


“Mojaki ya jakileng haeno o tla o phahamela haholoholo, empa wena o tla theohela tlasetlase.


Ha le eya, le tla fumana batho ba iketlileng, mme naha e le kgolo. Modimo o le neile yona matsohong, mme ke sebaka se sa haellweng ke letho la tse teng lefatsheng.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos