Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mikea 6:11 - BIBELE

11 “Na ke tla lokolla ya nang le sekala se qhekanyetsang? Ke lopolle ya nang le sekala sa bolotsana, eo boima ba mokotla wa hae bo sa nepahalang?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Na nka ba ya hlwekileng, ha ke lekanya ka sekala se kgopo, ke ena le majwe a thetso ka mokotleng?

Ver Capítulo Copiar




Mikea 6:11
9 Referencias Cruzadas  

Morena o hloile sekala se qhekanyetsang, empa boima bo nepahetseng bona bo a mo thabisa.


Tekanyo tse nepahetseng ke tsa Morena, majwe a supang boima a entswe ke yena.


Tekanyo tse pedi tse sa lekaneng, esita le boima bo sa lekaneng, bobedi ke manyala, ke manyala mahlong a Morena.


“ ‘Le be le sekala se nepahetseng, le seroto se nepahetseng, le moritshwana o nepahetseng.


Mohwebi o sebedisa sekala kala sa bolotsana, o bile o rata le ho qhekanyetsa.


O be le sekala se nepahetseng sa ho metha boima, le bolelele, le ntho e mokedikedi. Ke nna Morena Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta.


Le ntse le re: “Kgwedi e ntjha e tla ya neneng fifing, re tswe re rekisa mabele a rona? Tsatsi la Sabatha le tla feta neneng, re tswe re bapatsa ka koro ya rona? Re ntse re fokotsa tekanyo re nyolla theko, re qhekella bareki ka dikala tsa rona tse sa nepahalang?


Lengeloi la re: “Enwa o tshwantsha Bokgopo!” Yaba le mo katella kahara morifi, la ba la o kwahela ka sekwahelo sa loto.


“Ka mokotleng wa hao o se ke wa ba le mefuta e fapaneng ya majwe a lekanyang boima, ke ho re le leholo le le lenyenyane.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos