Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 6:23 - BIBELE

23 empa haeba leihlo la hao le sa loka, mmele wohle wa hao o tla aparelwa ke lefifi. Ha ho le jwalo, ha lesedi le ka ho wena le fetoha lefifi, lefifi e tla ba le lekaakang!”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Empa ekare ha leihlo la hao le le lebe, mmele wohle wa hao o tla ba lefifing. Mme jwale, ha lesedi le leng ho wena e le lefifi, lefifi leo e tla ba le lekakang!

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

23 Empa ha leihlo la hao le le lebe, mmele wohle wa hao o tla ba lefifing. Ha ho le jwalo, ha lesedi le ho wena e le lefifi, lefifi leo ke le leholo hakakang!

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

23 Empa ha leihlo la hao le le lebe, mmele wohle wa hao o tla ba lefifing. Ha ho le jwalo, ha lesedi le ho wena e le lefifi, lefifi leo ke le leholo hakakang!

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 6:23
22 Referencias Cruzadas  

Motho ya ithetsang ka ho re o bohlale, o ka tshepa sethoto ho ena le yena.


Hlahlobang molao le bopaki ba ka! Haeba ba sa bue ho ya ka dipolelo tsena, ke hobane ha ho na lesedi le ba tjhabelang.


“Tjhaba sa ka se thotofetse, ha se sa ntseba, ke tseketseke tsa bana, ha se na kutlwisiso; ho etsa bokgopo se ho hlalefetse, ho etsa botle hona ha se ho tsebe.”


Na ha ke na tokelo ya ho etsa seo ke se ratang ka seng sa ka? Kapa o mona ha ke fana?’


“Leihlo ke lebone la mmele. Haeba leihlo la hao le hloka sepha, mmele wohle wa hao o tla ba leseding,


le bofebe, meharo, bokgopo, thetso, mekgwa e hlabisang dihlong, mona, ketseletso, boikgantsho, le bothoto.


Leihlo la hao ke lebone la mmele. Ha leihlo la hao le hloka sepha, mmele wohle wa hao o tla ba leseding, empa ha le le lebe, le wona mmele wa hao o aparetswe ke lefifi.


A re: “Lona le neilwe ho tseba diphiri tsa Mmuso wa Modimo, empa ba bang ba neilwe ka ditshwantsho hore, “ ‘leha ba bona, ba se ke ba bona, mme leha ba utlwa, ba se ke ba utlwisisa.’ ”


Leha ba ne ba re ba bohlale, ba thotofala;


Motho ya buswang ke botho ha a amohele tsa Moya wa Modimo, hobane ho yena tseo ke bothoto. Le ho di tseba a ke ke a di tseba, hobane di hlalohanngwa ka Moya o Halalelang feela.


Dikelello tsa bona di fifetse, ba fapohile bophelo ba Modimo, ka baka la bothoto ba bona, le ka baka la bothata ba dipelo tsa bona.


Pele le ne le le lefifing, empa kajeno le leseding, hobane le ba Morena. Phelang jwaloka bana ba lesedi.


Empa ya hloileng ngwanabo o lefifing; o tsamaya lefifing, ha a tsebe moo a yang teng, hobane lefifi leo le foufaditse mahlo a hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos