Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 18:28 - BIBELE

28 “Empa hoba mohlanka eo a tswe, a kopana le e mong wa balekane ba hae ba bohlanka, ya neng a ena le molato wa didenare tse lekgolo ho yena. A mo tshwara, a mo kgama, a re: ‘Lefa molato wa hao!’

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Empa mohlanka eo, ha a tswela kantle, a teana le molekane wa hae wa bohlanka, ya nang le molato ho yena wa didenare tse lekgolo; yaba o a mo tshwara, a mo kgama, a re: Lefa molato wa hao.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

28 Empa mohlanka eo, ha a etswa, a fumana e mong wa bahlanka ka yena, ya neng a mo kolota didenari tse lekgolo;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

28 Empa mohlanka eo, ha a etswa, a fumana e mong wa bahlanka ka yena, ya neng a mo kolota didenari tse lekgolo;

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 18:28
15 Referencias Cruzadas  

“Haeba baditjhaba ba ka tlisa dintho tseo ba di rekisang, kapa dijo, ka tsatsi la Sabatha, kapa ka letsatsi lefe le lefe le halalelang, re ke ke ra di reka, mme ka selemo sa bosupa masimo a rona a tla lala, re leballane melato ka selemo seo.


Ka imamella dintho tsena, mme ka kgalemela mahosana le babusi, ka re ho bona: “Le lefisa bana babo lona tswala!” Yaba ke ba etsetsa pitso e kgolo.


Mofumanehi ya hatellang bafumanehi o ka sekgohola se senyang dijalo.


Ba re: ‘Ke hobaneng ha re itimme dijo, empa wena o sa ka wa bona? Ke hobaneng ha re itlhokofaditse, empa wena o sa ka wa natsa hoo?’ “Ka tsatsi la ho itima dijo, lona le phetha merero ya lona, le sebedisa basebetsi ba lona ka thata.


“ ‘Morena Modimo o re: Ho lekane lona mahosana a Iseraele! Fedisang dikgoka le kgatello, le etse se lokileng le se nepahetseng. Kgaotsang ho tlatlapa setjhaba sa ka, ho rialo Morena Modimo.


Monga mohlanka eo a mo utlwela bohloko, a mo lokolla, a mo leballa molato.


“Molekane wa hae a itihela maotong a hae, a mo rapela, a re: ‘Nkgauhele, ke tla o lefa.’


Hoba a dumellane le basebetsi hore moputso e tla ba denare ka letsatsi, a ba romela tshimong ya hae ya morara.


Setlolo sena se ka be se rekisitswe didenare tse fetang makgolo a mararo, mme tsa abelwa mafutsana.” Ba omanya mosadi eo.


Empa a ba araba, a re: “Ba fepeng e le lona!” Ba re ho yena: “Na re ka ya reka bohobe ka didenare tse makgolo a mabedi, ra ba fepa na?”


Ka la hosasane, a ntsha denare tse pedi, a di nea monga ntlo ya baeti, a re: ‘Ako mo oke, mme seo o ka se sebedisang kathoko ho sena, ke tla o buseletsa sona ha ke kgutla.’


“Moadimani e mong o ne a ena le ba babedi ba adimileng ho yena; e mong o ne a le molato wa didenare tse makgolo a mahlano, e mong yena tse mashome a mahlano.


Filipi a mo araba, a re: “Bohobe ba didenare tse makgolo a mabedi bo ke ke ba lekana hore e mong le e mong a fumane sengwathwana.”


Mokgwa wa ho leballana melato ke ona: Motho ka mong, eo ho nkilweng molato ho yena, o tla leballa mohahabo seo a mo adimileng sona; ha a na ho susutlella mohahabo, kapa ngwanabo, hore a lefe, hobane selemo sa Morena, sa ho leballana melato, se phatlaladitswe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos