Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 18:27 - BIBELE

27 Monga mohlanka eo a mo utlwela bohloko, a mo lokolla, a mo leballa molato.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Morena wa mohlanka eo a mo utlwela bohloko, a mo lesa, a mo leballa molato.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

27 Morena wa mohlanka eo a utlwela bohloko, a mo lokolla, a mo tshwarela molato.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

27 Morena wa mohlanka eo a utlwela bohloko, a mo lokolla, a mo tshwarela molato.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 18:27
11 Referencias Cruzadas  

Ba hana ho mamela, ba lebala ketso tsa hao, dimakatso tsa hao, tse entsweng hara bona; ba se ke ba di natsa, ba ba manganga, ba o fetohela, ba ikgethela moetapele, hore a ba busetse bokgobeng ba bona. Empa o Modimo ya tshwarelang kamehla, o lereko, o mohau, o dieha ho halefa, o bile o lerato, mme ha o a ka wa ba furalla.


Morena o mosa, o na le kutlwelobohloko, o dieha ho halefa, o tletse mohau.


Empa yena, ka ho ba utlwela bohloko, a ba tshwarela molato wa bona, a se ke a ba timetsa; ka makgetlo a kokobetsa kgalefo ya hae, bohale ba hae ba se ke ba tlokoma.


Empa wena Morena, o Modimo o na le kutlwelobohloko le mosa, o dieha ho halefa, o tletse mohau le botshepehi.


Wena Morena, o molemo, o a tshwarela; mohau wa hao o moholo ho bohle ba ipiletsang ho wena.


“Wena Efraime, nka o lahla jwang? Wena Iseraele, ka neelana ka wena jwang? Nka o timetsa sa Adema jwang? Ka o etsisa Seboime jwang? Pelo ya ka e nkganela ho etsa jwalo, lerato la ka le a hlasimoloha.


“Empa hoba mohlanka eo a tswe, a kopana le e mong wa balekane ba hae ba bohlanka, ya neng a ena le molato wa didenare tse lekgolo ho yena. A mo tshwara, a mo kgama, a re: ‘Lefa molato wa hao!’


“Yaba monga hae o a mmitsa, o re ho yena: ‘Mohlanka ya kgopo, ke o lebaletse molato wohle hobane o ile wa nthapela.


Kaha ba ne ba se na seo ba ka mmuseletsang ka sona a ba leballa molato bobedi. Ke ofe ho bona ya tla mo rata ho feta?”


Simone a araba, a re: “Ke hopola hore e tla ba eo a mo lebaletseng ho feta.” Jesu a re ho yena: “O ahlotse ka nepo.”


Yaba ba lahla medimo e meng, ba sebeletsa Morena. Morena a hauhela Baiseraele ka baka la bosoto ba bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos