Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 12:41 - BIBELE

41 Mohla kahlolo batho ba Ninife ba tla ema, ba qose moloko ona, ba o ahlole, hobane ba ne ba bake ha ba rutwa ke Jonase, empa bonang, mona ho teng ya fetang Jonase.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

41 Banna ba Ninive ba tla ema kahlolong le moloko ona, ba o tswe, hobane ba kile ba baka ka mokgosi wa Jonase; kanthe e moholo ho Jonase o teng mona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

41 Banna ba Ninive ba tla ema kahlolong le moloko ona, mme ba tla o tswa; mme bonang, e moholo ho Jonase o teng mona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

41 Banna ba Ninive ba tla ema kahlolong le moloko ona, mme ba tla o tswa; mme bonang, e moholo ho Jonase o teng mona.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 12:41
20 Referencias Cruzadas  

Ha ho na sebetsa se tla o bolaya, bohle ba o qosang o tla ba hlola ka nyewe. Lena ke lona lefa la bahlanka ba Morena, ke ho loka hoo ke ba neang hona,” ho rialo Morena.


Jwale Morena a re ho nna: “Iseraele wa mokwenehi o iponahaditse a lokile ho feta Juda ya hlokang botshepehi.


“Tsamaya, o ye Ninife, motseng o moholo, o yo o kgalemela, hobane ke bone bokgopo ba wona.”


Jonase a tsamaya hara motse ka letsatsi la pele, a nto howa, a re: “Kamora matsatsi a mashome a mane feela, Ninife e tla be e timeditswe!”


Jesu a ba araba, a re: “Moloko o kgopo, wa bakwenehi, o batla sesupo, empa o ke ke wa newa sesupo, haese sa moporofeta Jonase.


Mohla kahlolo Mofumahadi wa Borwa o tla ema, a qose moloko ona, a o ahlole, hobane o ile a tloha dipheletsong tsa lefatshe ho tla mamela bohlale ba Solomone, empa mona ho teng ya fetang Solomone.”


Ebe o ya lata meya e meng e supileng, e o fetang ka bokgopo, mme e kene, e ahe teng, hoo ditaba tsa motho eo tsa morao di bang mpe ho feta tsa pele. Ho tla ba jwalo le ho moloko ona o kgopo.”


Ke a le bolella, mona ho teng ho fetang Tempele ka boholo.


Moloko o kgopo, wa bakwenehi, o batla sesupo, empa o ke ke wa newa sesupo, haese sa Jonase.” Yaba o tloha ho bona, o a ikela.


Jesu a araba, a re: “A moloko o sa dumeleng, o kgopo! Ke tla ba le lona ho fihlela neng? Ke tla le mamella ho fihlela neneng? Mo tliseng ho nna mona!”


Ruri ke a le bolella hore tsena tsohle di tla botswa ho moloko ona.”


Batho ba Ninife ba tla ema, ba qose moloko ona, ba o ahlole, hobane ba ne ba bake ha ba rutwa ke Jonase, empa bonang, mona ho teng ho fetang Jonase.”


“Ya tswang hodimo o kahodimo ho bohle; ya tswang lefatsheng ke wa lefatshe, mme o bua tsa lefatshe. Ya tswang lehodimong o kahodimo ho bohle;


Na o moholo ho feta ntata rona Jakobo ya re neileng sediba see, le yena a nwa ho sona, le bara ba hae, le diphoofolo tsa hae?”


Ha leqai leo le phetha Molao, le tla o ahlola, wena ya itlwaeditseng ho tlola Molao, leha o ntse o ena le buka ya Molao, mme o bile o bolotse.


Ka tumelo eitse hoba Modimo a mo tsebise tse esong ho bonwe, Nowe a ba hlokolosi, mme a haha areka, hore a tle a pholoswe le ba lelapa la hae. Ka ho dumela ha hae o ile a ahlola lefatshe, a ba a ja lefa la ho loka ho fumanwang ka tumelo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos