Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mareka 9:1 - BIBELE

1 Jesu a re ho bona: “Kannete ke a le bolella, ho na le ba bang hara ba emeng mona ba ke keng ba tseba lefu, ho fihlela ba bona Mmuso wa Modimo o etla ka matla.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Le hona a re ho bona: Kannete ke a le bolella, ke re: Ba bang ba teng ho ba emeng mona, ba ke keng ba utlwa ho shwa, ba eso ho bone mmuso wa Modimo o etla ka matla.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

1 A re ho bona: Kannete ke re ho lona: Ho na le ba bang ho ba emeng mona, ba ke keng ba utlwa ho shwa, ba eso ho bone mmuso wa Modimo o etla ka matla.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 A re ho bona: Kannete ke re ho lona: Ho na le ba bang ho ba emeng mona, ba ke keng ba utlwa ho shwa, ba eso ho bone mmuso wa Modimo o etla ka matla.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 9:1
13 Referencias Cruzadas  

Ruri ke a le bolella: Ho na le ba bang hara ba emeng mona ba ke keng ba tseba lefu ho fihlela ba bona Mora Motho a etla ka Mmuso wa hae.”


“Jwale pontsho ya Mora Motho e tla hlaha lehodimong, merabe yohle ya lefatshe e tla ikotla difuba ka dillo, mme e tla bona Mora Motho a etla a le hodima maru a lehodimo, ka matla le ka tlotla e kgolo.


“Mohla Mora Motho a tlang ka tlotla ya hae, a ena le mangeloi wohle, o tla dula teroneng ya hae ya botlotlehi.


“Jwale ba tla bona Mora Motho a etla a le marung, ka matla a maholo le ka tlotla.


Kannete ke a le bolella, moloko ona o ke ke wa fela tseo tsohle di eso etsahale.


O ne a senoletswe ke Moya o Halalelang hore a ke ke a shwa a eso bone Motlotsuwa wa Morena.


hobane ke a le bolella, ho tloha jwale ha nka ke ka hlola ke enwa se tswang tholwaneng ya morara ho fihlela Mmuso wa Modimo o etla.”


hore le je, le nwe tafoleng ya ka Mmusong wa ka. Le tla dula diteroneng le ahlole meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele.”


Empa kannete ke a le bolella hore ho na le ba bang ba emeng mona, ba ke keng ba latswa lefu, ba eso ka ba bona Mmuso wa Modimo.”


Jwale taba ena ya hore morutuwa eo ha a na ho shwa, ya anela hara badumedi. Empa Jesu o ne a sa ka a re ho yena ha a na ho shwa, a mpa a itse: “Ha ke rata hore a phele ho fihlela ke kgutla, o tshwenngwa keng?”


Empa seo re se bonang ke Jesu ya beilweng katlasana ho mangeloi ka nakwana, a rweswa mofapahlooho wa tlotla le hlompho ka baka la mahloko a lefu la hae, e le hore ka mohau wa Modimo a tle a shwele bohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos