Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mareka 9:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Le hona a re ho bona: Kannete ke a le bolella, ke re: Ba bang ba teng ho ba emeng mona, ba ke keng ba utlwa ho shwa, ba eso ho bone mmuso wa Modimo o etla ka matla.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Jesu a re ho bona: “Kannete ke a le bolella, ho na le ba bang hara ba emeng mona ba ke keng ba tseba lefu, ho fihlela ba bona Mmuso wa Modimo o etla ka matla.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

1 A re ho bona: Kannete ke re ho lona: Ho na le ba bang ho ba emeng mona, ba ke keng ba utlwa ho shwa, ba eso ho bone mmuso wa Modimo o etla ka matla.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 A re ho bona: Kannete ke re ho lona: Ho na le ba bang ho ba emeng mona, ba ke keng ba utlwa ho shwa, ba eso ho bone mmuso wa Modimo o etla ka matla.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 9:1
13 Referencias Cruzadas  

Kannete ke re ho lona: Ba bang ba teng ho ba emeng mona ba ke keng ba utlwa ho shwa, ba eso ho bone Mora motho a etla mmusong wa hae.


Mohlang oo, pontsho ya Mora motho e tla hlaha lehodimong; ke moo ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla iteta difuba, mme di tla bona Mora motho a etla ka maru a lehodimo, ka matla a maholo le ka kganya e kholo.


Mohla Mora motho a tlang a teetswe hare ke kganya ya hae, mangeloi a ena le yena kaofela, ke moo a tla dula teroneng ya kganya ya hae.


Ke moo ba tla bona Mora motho a etla ka maru, ka matla a maholo le ka kganya.


Kannete ke re ho lona: Moloko wona o ke ke wa feta, tseo tsohle di eso ho etsahale.


O ne a senoletswe pele ke Moya o Halalelang hoba a ke ke a bona lefu, a eso ho bone Kreste wa Morena.


Hobane ke re ho lona: Ha ke sa tla hlola ke enwa se behwang ke morara, ho tle ho be ho fihle mmuso wa Modimo.


le tle le be ba jang le ba nwang tafoleng ya ka mmusong wa ka; mme le tle le dule diteroneng, le ahlole meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele.


Kannete, ke re ho lona: Ba bang ba teng ho ba emeng mona, ba ke keng ba utlwa ho shwa, ba eso ho bone mmuso wa Modimo.


Kahoo, polelo ena ya nna ya tsamaya hara baena e reng, morutuwa eo ha a ka ke a shwa. Empa Jesu o ne a sa ka a mmolella hore yena a ke ke a shwa; empa o ne a itse: Ekare ha ke rata hore a dule ke be ke tle, e ka ba eng ho wena?


Empa re bona Jesu ya neng a beilwe ka sebaka se seng sekae katlasana ho mangeloi, a rwesitswe moqhaka wa kganya le wa hlompho ka baka la lefu leo a le utlwileng, hore, ka mohau wa Modimo, a utlwe lefu ka baka la bohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos