Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mareka 5:2 - BIBELE

2 Yare ha a etswa ka sekepeng, a re ptjangptjang le monna ya nang le moya o ditshila, a etswa hara mabitla,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 A re a sa tswa sekepaneng, motho ya nang le moya o ditshila, ya tswang mabitleng, a phakisa a mo kgahlanyetsa.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

2 Eitse hobane a tswe sekepeng, a phakisa a mo kgahlanyetsa monna ya nang le moya o ditshila, a etswa mabitleng.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Eitse hobane a tswe sekepeng, a phakisa a mo kgahlanyetsa monna ya nang le moya o ditshila, a etswa mabitleng.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 5:2
13 Referencias Cruzadas  

Ke tjhaba se itulelang hara mabitla, se qetang masiu se entse tebelo ya sephiri; se itjellang le nama ya dikolobe, seo pitsa tsa sona di nang le moro wa tse manyala.


Nakong eo, ka tlung ya bona ya thapelo, ho ne ho le teng motho ya nang le moya o ditshila, mme a bokolla,


Yare hoba moya o ditshila o mo idibanye habohloko, o bokolle haholo, wa tswa ho yena.


hobane ba ne ba itse: “O na le moya o ditshila.”


Ka baka la letshwele a laela barutuwa ba hae hore sekepe se be haufi le yena, esere mohlomong la mo petetsa,


Jesu a boela a qala ho ruta a le pela letsha. Letshwelehadi la mmokanela hoo a bileng a kena ka sekepeng se letsheng, a dula teng, letshwele lohle le le lebopong la letsha.


Ba tloha hara letshwele, ba ya le yena ka sekepe seo a neng a ntse a le ka ho sona, mme a felehetswa ke dikepe tse ding.


Hoba Jesu a tshelele hape mose wane ka sekepe, letshwelehadi la mmokanela a le pela letsha.


moo a neng a phela teng, mme ho ne ho se ya ka hlolang a mo tlama le ka ketane,


Jesu o ne a itse ho yena: “Tswa mothong eo, wena moya o ditshila!”


Hanghang mosadi eo moradinyana wa hae a neng a ena le moya o ditshila, a mo utlwela, mme a ya, a fihla, a itihela maotong a hae.


Yare ha a tswela lebopong, a kgahlanyetswa ke monna e mong ya tswang motseng, ya neng a ena le bademona, e se e le nako e telele a sa apare letho, a sa dule ka tlung, a mpa a dula mabitleng.


A re a sa atamela, modemona wa tabanya moshanyana fatshe, wa mo akgehisa. Empa Jesu a kgalemela moya oo o ditshila, a fodisa moshanyana, a mo kgutlisetsa ho ntatae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos