Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Mareka 5:2 - Baasraak Sotho NT

2 Eitse hobane a tswe sekepeng, a phakisa a mo kgahlanyetsa monna ya nang le moya o ditshila, a etswa mabitleng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 A re a sa tswa sekepaneng, motho ya nang le moya o ditshila, ya tswang mabitleng, a phakisa a mo kgahlanyetsa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Yare ha a etswa ka sekepeng, a re ptjangptjang le monna ya nang le moya o ditshila, a etswa hara mabitla,

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Eitse hobane a tswe sekepeng, a phakisa a mo kgahlanyetsa monna ya nang le moya o ditshila, a etswa mabitleng.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 5:2
13 Referencias Cruzadas  

Mo sinagogeng ya bona ho ne ho ena le motho ya nang le moya o ditshila; mme a hoeletsa,


Yare ha moya o ditshila o mo harola, o howa ka lentswe le leholo, wa tswa ho yena.


Hobane ba itse: O na le moya o ditshila.


A bolella barutuwa ba hae hore sekepana se mo emele ka baka la bongata, esere ba mo petetsa.


A boela a qala ho ruta lebopong la lewatle, mme ha phuthehela ho yena letshwelehadi, hoo a ileng a kena sekepeng, a dula lewatleng. mme bongata bohle bo ne bo le lefatsheng pela lewatle.


Yare ha ba kgutlisitse letshwele, ba mo nka a ntse a le ka sekepeng. Mme ho ne ho ena le diketswana tse ding ho yena.


Eitse hobane Jesu a boele a tshelele mose wane ka sekepe, bongata bo boholo ba bokana ho yena, mme o ne a le pela lewatle.


Ke yena ya neng a ahile mabitleng; mme ho ne ho se motho ya ka mo tlamang, leha e le ka diketane;


Hobane o itse ho yena: Tswa mothong eo, moya o ditshila.


Hobane mosadi e mong, eo moradi wa hae a neng a na le moya o ditshila, ha a utlwa taba tsa hae, a tla, a itihela maotong a hae.


Yare ha a tswela lebopong, a kgahlanyetswa ke monna e mong ya tswang motseng, ya neng a ena le batemona ka nako e telele, a sa apare kobo, a sa dule tlung, haese mabitleng.


Eitse ha a sa tla, modemona a mo akgela fatshe, a mo hahola. Jesu a kgalemela moya o ditshila, a fodisa ngwana, a mo busetsa ho ntatae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos