Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mareka 4:41 - BIBELE

41 Ba tshoha haholo, mme ba botsana, ba re: “Ekaba motho eo ke mang, ya mamelwang ke moya le ke letsha?”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

41 Mme ba tshaba ka tshabo e kgolo, ba bolellana, ba re: Na enwa ke mang na, ha a utluwa ke moya le ke lewatle?

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

41 Yaba ba tshoha haholo, ba botsana, ba re: “Ke motho ofe eo, ha a utlwa le moya le lewatle?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

41 Yaba ba tshoha haholo, ba botsana, ba re: “Ke motho ofe eo, ha a utlwa le moya le lewatle?

Ver Capítulo Copiar




Mareka 4:41
17 Referencias Cruzadas  

ka na ka re: ‘Maremelo a metsi a hao ke ana, maqhubu a hao a bilohang a tla fella mona!’


Ke mang, mahodimong, ya ka lekanngwang le Morena? Ke mang ya tshwanang le Morena, hara bara ba Modimo?


“Ke ne ke entse selekane le yena: Ka mo nea bophelo le kgotso; ka mo ruta ho ntlhompha, mme a fela a ntlhompha, a ntshaba.


Hoba ba kene ka sekepeng, moya wa teba.


Jwale batho bao ba hlollwa, ba re: “Eo ke ya jwang, ha e le moo a mamelwa le ke meya le letsha?”


A re ho bona: “Le boi keng? Na ha le eso be le tumelo?”


Yaba ba fihla ka mose wane ho letsha, naheng ya Bagerasa.


Empa mosadi, ka ho tseba se etsahetseng ho yena, a tla ka tshabo le ka thothomelo, a itihela kapele ho yena, mme a mmolella nnete yohle.


Ba hlollwa haholo, mme ba re: “Tsohle o di entse hantle; o etsa hore bo-tsebetutu ba utlwe, dimumu di bue!”


Bohle ba hlollwa, mme ba buisana, ba re: “Taelo ee ke e jwang, hore ebe o laela meya e ditshila ka borena le ka matla, mme e tswe?”


Yaba o re ho bona: “Tumelo ya lona e ho kae?” Ba tshoha, ba hlollwa, mme ba botsana, ba re: “Ekaba motho eo ke mang, ya laelang le meya le metsi, mme di mo mamele?”


Kaha re amohela mmuso o ke keng wa sisinngwa, a re leboheng, re sebeletse Modimo ka mokgwa o kgahlisang, ka tshabo le hlompho,


Ke mang ya ke keng a o tshaba, Morena? Ke mang ya ke keng a tlotlisa bitso la hao? Hobane ke wena feela ya halalelang. Ditjhaba tsohle di tla tla, di o kgumamele, hobane dikahlolo tsa hao di bonahaditswe.”


Le tshabe Morena feela, le mo sebeletse ka nnete le ka dipelo tsa lona tsohle. Elellwang dintho tse kgolo, tseo a le etseditseng tsona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos