Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mareka 4:3 - BIBELE

3 “Mamelang! Mojadi o ile a tswa ho ya jala.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Mamelang: Mojadi o ne a tswile ho ya jala.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

3 Mamelang; Bonang, mojadi o ne a tswile ho ya jala.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Mamelang; Bonang, mojadi o ne a tswile ho ya jala.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 4:3
29 Referencias Cruzadas  

Leha barui ba ka futsaneha, ba lapa, ba batlang Morena ba ke ke ba hloka, ba ke ke ba hloka letho le molemo.


Kgosatsana di teng hara mafumahatsana, mafumahatsana a hao a lomphehang; mofumahadi o eme tsohong la hao le letona, o eme a kgabile ka kgauta ya Ofire.


Jwale bana ba ka mmameleng, sekehelang polelo tsa ka tsebe.


“Jwale, bana ba ka, mmameleng! Ho lehlohonolo ba tsamayang tseleng tsa ka.


Peo ya hao o e jale e sa le hoseng, ho fihlela mantsiboya matsoho a hao o se a phuthe, hobane ha o tsebe e tla atleha, kapa bobedi di tla mela hantle.


Mmameleng, lona ba pelo di thata, lona ba leng hole le ho loka.


“Mmameleng lona ba ntlo ya Jakobo, lona masalla wohle a ntlo ya Iseraele, lona bao ke le sikileng ho tloha mohla le tswalwang, lona bao ke le pepileng ho tloha mohla le tswalwang.


Jesu a ba bolella setshwantsho se seng, a re: “Mmuso wa mahodimo o tshwantshwa le motho ya jetseng peo e ntle tshimong ya hae.


Ha lekgaba le se le metse, le bile le tswetse, mofoka le wona wa bonahala.


A le bolella ditaba tse ngata ka ditshwantsho, a re: “Mojadi o ile a tswa ho ya jala.


Mojadi o jala lentswe.


A ba ruta ditaba tse ngata ka ditshwantsho, mme thutong ya hae a re ho bona:


Haeba motho a ena le ditsebe ho utlwa, a utlwe!”


Yare ha a ntse a jala, peo e nngwe ya wela ka tseleng, mme dinonyana tsa tla, tsa e ja.


Yaba o re: “Ya nang le ditsebe ho utlwa, a utlwe!”


Yaba Petrose, a ena le ba leshome le motso o mong, o a ema, o phahamisa lentswe, o re ho bona: “Banna ba Judea, le lona baahi bohle ba Jerusalema, tsebang sena, mme le mamele mantswe a ka ka tsebe e lethwethwe.


“Jwale lona Baiseraele, mamelang melao le ditaelo tseo ke le rutang tsona, hore le di phethe, e le hore le tle le phele, le kene naheng eo Morena Modimo wa bo-ntata lona, a le neang yona hore e be ya lona.


Mamelang, bana beso ba ratehang. Na hase Modimo ya kgethileng bao e leng mafutsana mahlong a lefatshe, hore e be barui tumelong, le majalefa a Mmuso oo a o tshepisitseng ba mo ratang?


“Ya nang le ditsebe a ke a utlwe seo Moya o Halalelang o se bolellang dikereke. Ya hlolang ha a ka ke a ntshwa kotsi ke lefu la bobedi.”


“Ya nang le ditsebe a ke a utlwe seo Moya o Halalelang o se bolellang dikereke.”


“Ya nang le ditsebe a ke a utlwe seo Moya o Halalelang o se bolellang dikereke. Ya hlolang ke tla mo nea tokelo ya ho ja sefate sa bophelo, se ka paradeising ya Modimo.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos