Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mareka 4:2 - BIBELE

2 A ba ruta ditaba tse ngata ka ditshwantsho, mme thutong ya hae a re ho bona:

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 A ba ruta ditaba tse ngata ka ditshwantsho, mme thutong ya hae, a ba bolella, a re:

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

2 A ba ruta dintho tse ngata ka ditshwantsho, mme a bua le bona thutong ya hae.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 A ba ruta dintho tse ngata ka ditshwantsho, mme a bua le bona thutong ya hae.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 4:2
15 Referencias Cruzadas  

Molomo wa ka o tla bua tsa bohlale, pelong ya ka ke tla nahana tse nang le kelello.


Molomong wa ka ho tla tswa maele, ke bolele dilotho tsa boholoholo.


Barutuwa ba tla ho yena, ba re: “Ke ka baka lang o buang le bona ka ditshwantsho?”


A le bolella ditaba tse ngata ka ditshwantsho, a re: “Mojadi o ile a tswa ho ya jala.


Ha Jesu a qetile dipolelo tsena, matshwele a tsota thuto ya hae,


Jesu a tloha moo, a ya naheng ya Judea le mose ho Jorodane; matshwele a mmokanela hape, mme a a ruta hape, jwalokaha a ne a tlwaetse.


Jesu a qala ho bua le bona ka ditshwantsho, a re: “Motho o ile a lema tshimo ya morara, a e teela hare ka lerako, a tjheka setlhotlelo hara yona, a ba a haha le kalana ya molebedi. A e nea balemi ho e lema seahlolo, yaba o a eta.


Thutong ya hae Jesu a re: “Hlokomelang Ditsebi tsa Molao! Ke batho ba ratang ho itsamaela ka diaparo tse phuphuthang le ho dumediswa mabaleng a metse;


Yaba o ba bitsetsa ho yena, mme a re ho bona ka ditshwantsho: “Satane a ka leleka Satane jwang?


A re ho bona: “Lona le senoletswe sephiri sa Mmuso wa Modimo, empa ho ba kathoko, tsohle di tla ka ditshwantsho,


“Mamelang! Mojadi o ile a tswa ho ya jala.


Jwale Moprista e Moholo a botsa Jesu ka tsa barutuwa ba hae le ka tsa thuto ya hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos