Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mareka 2:16 - BIBELE

16 Ditsebi tsa Molao, tseo e neng e le Bafarisi, ha di bona hore o ja le baetsadibe le balekgetho, tsa re ho barutuwa ba hae: “Ke ka baka lang ha a eja le balekgetho le baetsadibe?”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Yare ha bangodi le bafarisi ba mmona a eja le balekgetho le baetsadibe, ba re ho barutuwa ba hae: O jelang le balekgetho le baetsadibe, o nwelang le bona?

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

16 Yare ha bangodi le bafarisi ba mmona a eja le balekgetho le baetsadibe, ba re ho barutuwa ba hae: O jela jwang le balekgetho le baetsadibe?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 Yare ha bangodi le bafarisi ba mmona a eja le balekgetho le baetsadibe, ba re ho barutuwa ba hae: O jela jwang le balekgetho le baetsadibe?

Ver Capítulo Copiar




Mareka 2:16
14 Referencias Cruzadas  

Ke tjhaba se reng: ‘Emella thokwana, o se atamele ho rona, hobane rona re halalela haholo, re halalela ho o feta!’ Batho ba jwalo ba nkga sa mosi nkong tsa ka, ba ka mollo o qetang tsatsi lohle o tuka.


empa ha a hana ho ba mamela, bolella kereke; haeba a hana ho mamela le yona kereke, mo tadime e le mohedene le molekgetho.


Haeba le rata ba le ratang feela, le ka ba le moputso wa eng? Ana balekgetho le bona ha ba etse jwalo na?


Ha Bafarisi ba bona hoo, ba re ho barutuwa ba hae: “Ke ka baka lang moruti wa lona a jang le balekgetho le baetsadibe?”


Ha a le dijong ha Levi, balekgetho le baetsadibe ba bangata ba ne ba mo latetse.


“Ke ka baka lang motho eo a buang tjee? O a nyefola! Ke mang ya ka tshwarelang dibe haese Modimo feela?”


Mofarisi a ema, a rapella ka pelong, a re: ‘Modimo, ke a o leboha ha ke se jwaloka batho ba bang, bao e leng balotsana, ba sa lokang, difebe, kapa leha e le jwaloka molekgetho enwa.


hobane Mora Motho o tlile ho batla le ho pholosa ba lahlehileng.”


Yare ha ba bona hoo, ba korotla bohle, ba re: “O fapohetse ha monna wa moetsadibe.”


Bafarisi le Ditsebi tsa bona tsa Molao ba korotlela barutuwa ba Jesu, ba re: “Ke ka lebaka lang ha le eja, mme le enwa le balekgetho le baetsadibe na?”


Ha hlaha leratahadi, mme ba bang ba Ditsebi tsa Molao, ba mokga wa Bafarisi, ba hanyetsa ka matla, ba re: “Ha re fumane bobe ba letho ho motho enwa; mohlomong moya kapa lengeloi le buile le yena.”


Motho ya nang le Moya o Halalelang o hlalohanya tsohle, athe yena ha ho ya ka mo ahlolang.


Nahanang ya ileng a mamella dikganyetso tse kaalokaalo tsa baetsadibe, esere la nyahama dipelo, la kgathala.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos