Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Mareka 2:17 - BIBELE

17 Jesu ha a utlwa, a re ho tsona: “Ba hlokang ngaka ke ba kulang, e seng ba phelang hantle. Ke tlile ho bitsa baetsadibe, e seng ba lokileng.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Jesu ha a utlwa tseo, a re ho bona: Ba phelang hantle ha ba batle ngaka, empa e batlwa ke ba kulang; ha ke a tla ho bitsa ba lokileng, empa e le baetsadibe.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

17 Jesu ha a utlwa, a re ho bona: Ba phelang hantle ha ba batle ngaka, empa ba kulang ha ba e batle.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 Jesu ha a utlwa, a re ho bona: Ba phelang hantle ha ba batle ngaka, empa ba kulang ha ba e batle.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 2:17
21 Referencias Cruzadas  

“Tloong re lokise ditaba,” ho rialo Morena. “Leha dibe tsa lona di ka ba kgubedu, di tla sweufala jwaloka lehlwa; leha di ka ba kgubedu tlere! di tla sweufala jwaloka boya.


ya kgopo a furalle ditsela tsa hae, molotsana a furalle mehopolo ya hae, a sokolohele ho Morena wa hae, mme Morena o tla mo hauhela; a sokolohele ho Modimo wa rona, hobane yena o tshwarela haholo.


Pelo e tletse mano ho feta dintho tsohle, e senyehile hoo e ke keng ya phekolwa, ke mang ya ka e utlwisisang?


“Hlokomelang hore le se ke la nyedisa e mong wa ba banyenyane bana, hobane ke a le bolella: Mangeloi a bona a lehodimong, a bona sefahleho sa Ntate ya mahodimong kamehla.


Ke a le bolella hore, ka baka la moetsadibe a le mong ya bakang, thabo e jwalo e teng hara mangeloi a Modimo.”


Empa a araba, a re ho ntatae: ‘Bona, ke o sebeleditse dilemo tse kanakana, ke bile ke eso ka ke tlola le taelo ya hao, feela ha o eso nnee le potsanyane, hore nke ke keteke le metswalle ya ka,


Ke a le bolella hore ka baka la moetsadibe a le mong ya bakang, thabo e jwalo e tla ba teng lehodimong, e fetang e bang teng ka baka la ba lokileng ba mashome a robong a metso e robong ba sa hlokeng pako.”


Jesu a re ho bona: “Lona le iketsa ba lokileng mahlong a batho, empa Modimo o tseba dipelo tsa lona, hobane ho tlotlehang mahlong a batho ke manyala ho Modimo.


hobane Mora Motho o tlile ho batla le ho pholosa ba lahlehileng.”


Ba araba, ba re ho yena: “O tswetswe o le moetsadibe ka ho tlala, empa jwale o a re ruta?” Yaba ba a mo tebela.


Bafarisi ba nang le yena ba utlwa tsena, mme ba re ho yena: “Na le rona re foufetse?”


ke ntse ke qophella Bajuda le Bagerike ho sokolohela ho Modimo le ho dumela ho Morena wa rona Jesu.


Empa ke qadile pele ka ba leng Damaseka le Jerusalema, le ba naheng yohle ya Judea, hamorao ka ya ho baditjhaba, ka ba phatlalletsa hore ba bake, ba sokolohele ho Modimo, ba etse mesebetsi e lokelang pako.


Yena o iteletse rona, hore a tle a re lopolle bokgopong bohle, a itlhwekisetse setjhaba seo e tla ba sa hae, se tjhesehelang mesebetsi e metle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos