Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 9:54 - BIBELE

54 Yare ha barutuwa ba hae, Jakobo le Johanne, ba bona hoo, ba re: “Morena, na o rata hore re re mollo o theohe lehodimong, o ba fedise?”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

54 Barutuwa ba hae, boJakobo le Johanne, yare ha ba bona hoo, ba re: Morena, na o rata ha re ka re, mollo o theohe lehodimong, o ba tjhese, jwalokaha Elia a entse le yena na?

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

54 Eitse ha barutuwa ba hae, Jakobo le Johanne ba bona hoo, ba re: Morena, a o rata ha re re, mollo o theohe lehodimong, o ba timetse, jwalokaha Elia a entse?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

54 Eitse ha barutuwa ba hae, Jakobo le Johanne ba bona hoo, ba re: Morena, a o rata ha re re, mollo o theohe lehodimong, o ba timetse, jwalokaha Elia a entse?

Ver Capítulo Copiar




Luka 9:54
14 Referencias Cruzadas  

Yaba Abishai, mora wa Seruya, o re ho kgosi: “Ke hobaneng ha ntja e shweleng ee, e ntse e hlapaola monga ka, kgosi? Ako ntumelle nke ke ye ho yona, ke yo e kgaola hloohwana ena!”


Bagibeone e ne e se ba habo bana ba Iseraele; e ne e le masalla a Baamore. Bana ba Iseraele ba ne ba ba hlapanyeditse hore ba tla ba baballa, empa Saule yena o ne a rata ho ba bolaya ka baka la ho thahasella bana ba Iseraele le ba Juda.


Kgosi ya roma molaodi wa bahlabani ba mashome a mahlano le bahlabani ba hae ba mashome a mahlano ho Elia. Molaodi eo a nyolohela ho Elia, mme a mo fumana a dutse tlhorong ya leralla. Molaodi a re ho yena: “Moporofeta wa Modimo, kgosi e o laela hore o theohe.”


Yaba Jehu o re: “Tloo, o tlo bona kamoo ke tjhesehelang Morena kateng.” Jwale ba palama kariki ya Jehu ya ntwa.


Empa Jehu a se ke a tsotella ho tsamaya ka molao wa Morena Modimo wa Iseraele, ka pelo ya hae yohle, hobane ha a a ka a tlohela dibe tsa Jeroboame, ya neng a etse hore Baiseraele ba etse sebe.


nako ya ho bolaya le nako ya ho fodisa, nako ya ho heletsa le nako ya ho haha;


le Jakobo mora wa Sebedea, le Johanne ngwanabo Jakobo, bao a ileng a ba rea lebitso la Boaneregese, e leng ho re: Bara ba Letolo,


Empa Jesu a reteleha a ba kgalemela.


Sebatana seo sa bobedi sa etsa mehlolo e meholo: sa theola mollo lehodimong, pontsheng ya bohle, hore o tle o wele lefatsheng.


Hlooho e nngwe ya sona e ne e ka e na le leqeba le ka bolayang, empa leqeba leo le ne le se le fodile. Lefatshe lohle la hlollwa, la latela sebatana seo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos