Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Luka 9:55 - BIBELE

55 Empa Jesu a reteleha a ba kgalemela.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

55 Empa Jesu a reteleha, a ba kgalemela, a re: Ha le tsebe hoba le ba moya o jwang!

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

55 Empa a reteleha, a ba kgalemela, a re: Ha le tsebe hore na le ba moya o jwang.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

55 Empa a reteleha, a ba kgalemela, a re: Ha le tsebe hore na le ba moya o jwang.

Ver Capítulo Copiar




Luka 9:55
24 Referencias Cruzadas  

Yaba Davida o re: “Ekaba taba ya ka le lona, bara ba Seruya, ke efe, ha e le moo kajeno le se le le dira tsa ka? Ka letsatsi lena ha ho motho ya tla bolawa naheng ena ya Iseraele, hobane kajeno ke a tseba hore ke nna kgosi ya Iseraele.”


Empa Jobo a re ho yena: “O bua jwaloka mosadi ya sethoto! Na re ka amohela tse molemo feela tse tswang ho Modimo, yaba ha re amohele tse bohloko?” Ho tsena tsohle, Jobo ha a a ka a etsa sebe ka seo a se buileng.


O rutilwe ke mang ho bua polelo tsee? Polelo tseo o di buang ke tsa mang?


Ka baka lena, ke swabela polelo tsa ka, ke ikwahlaya ke le leroleng, ke le moloreng.”


Se kgaleme mosomi, esere a o hloya, kgalema ya bohlale, yena o tla o rata.


Pelo e tletse mano ho feta dintho tsohle, e senyehile hoo e ke keng ya phekolwa, ke mang ya ka e utlwisisang?


Empa Jesu a retelehela ho Petrose, a re: “Tloha ho nna, Satane! O sekgopi ho nna, kahobane ha o hopole tsa Modimo, o hopola tsa botho!”


Petrose a mo araba, a re: “Leha bohle ba ka o kwenehela, nna nke ke ka kweneha le kgale.”


Fadimehang, mme le rapele, hore le se kene molekong; moya o mafolofolo, empa mmele o a fokola.”


E mong wa ba nang le Jesu a phahamisa letsoho la hae, a hula sabole ya hae, a hlatha mohlanka wa Moprista e Moholo, a mo poma tsebe.


Yare ha barutuwa ba hae, Jakobo le Johanne, ba bona hoo, ba re: “Morena, na o rata hore re re mollo o theohe lehodimong, o ba fedise?”


Yaba ba ya motseng osele.


ka tsa sebe, hobane ba sa dumele ho nna;


Molomong o le mong ho tswa thoriso le thohako. Bana beso, ha ho a lokela ho ba jwalo.


Se busetseng bobe ka bobe, kapa tlhapa ka tlhapa, empa le hlohonolofatse, hobane Modimo o le bitseditse ho ja lefa la mahlohonolo, hobane ho thwe:


“Bohle bao ke ba ratang ke a ba kgalemela, mme ke a ba otla. Tjheseha he, mme o bake.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos