Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 7:25 - BIBELE

25 Hantlentle le ne le ilo bona eng? Motho ya diaparo tse mabokoboko? Ba diaparo di mabokoboko ba phela menateng, ba matlung a mahosi.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Le mpa le ne le ile ho bonang na? A e ne e le motho ya apereng dikobo? A e ne e le motho ya apereng dikobo tse bonolo na? Bonang ba apereng dikobo tsa bokgabane, ba iphepang ka tse monate, ba matlung a marena.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

25 Empa le ne le ile ho bonang? Monna ea apereng liaparo tse bonolo? Bonang, ba apereng ka bokhabane, ba phelang ka boiketlo, ba matlung a marena.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

25 Empa le ne le ile ho bonang? Monna ea apereng liaparo tse bonolo? Bonang, ba apereng ka bokhabane, ba phelang ka boiketlo, ba matlung a marena.

Ver Capítulo Copiar




Luka 7:25
16 Referencias Cruzadas  

Kajeno ke na le dilemo tse mashome a robedi; na nka hlola ke sa tseba ho kgetholla botle ho bobe? Kapa nka hlola ke sa utlwa monate wa seo ke se jang, kapa seo ke se nwang? Na nka hlola ke sa utlwa melodi ya banna ba binang, le ya basadi ba binang? Ebe jwale nka nna ka imetsa monga ka, kgosi ya ka, ka baka lefe?


le dijo tseo a di jang, le moo matona a hae a dulang teng, le moo basebeletsi ba hae ba emang teng, le diaparo tsa bona, le baqhatsetsi ba hae, le dinyehelo tsa setjheso ka Tempeleng ya Morena, a kgathala matla.


Maqosa a re ho yona: “O ne a apere seaparo sa boya, a ikgahlotse letheka ka leqhama la letlalo.” Yaba kgosi e re ho wona: “Motho eo ke Elia wa Tishebe!”


Ya a laela hore a tlise mofumahadi Fashiti kapele ho kgosi, a rwetse mofapahlooho wa bofumahadi, hore setjhaba le mahosana a tlo boha botle ba hae, hobane mofumahadi o ne a le motle haholo.


Ka selemo sa boraro sa puso ya hae, a etsetsa mahosana wohle a hae le bahlanka ba hae, mokete. Balaodi ba mabotho a Peresiya le Media, le mahosi le mahosana, le bona ba ne ba le teng.


A fihla a ema kapele ho monyako wa kgosi, hobane ho ne ho se ya ka kenang ka monyako wa kgosi a apere tse mahwashe.


Ka letsatsi la boraro Esetere a apara seaparo sa hae sa bofumahadi, mme a ya ema kahare ho seotlwana sa ntlo ya kgosi, a tobana le ntlo ya kgosi. Kgosi e ne e dutse teroneng ya yona, ka tlung ya bokgosi, kapele ho monyako wa ntlo.


Yaba Moredekai o tloha kapele ho kgosi, a apere seaparo sa bohosana se mmala o moputswa le o mosweu, a rwetse mofapahlooho o moholo wa kgauta; a apere le seaparo se entsweng ka lesela le lohehileng, le perese. Motse wa Shushane wa thaba, wa nyakalla.


Ho loka ha sireletsa sefuba sa hae, hloohong a rwala katiba ya tshepe ya pholoho; a apara diaparo tsa boiphetetso, tjheseho ya eba yona kobo ya hae.


Hantlentle le ne le ilo bona eng? Motho ya diaparo tse mabokoboko? Ba diaparo di mabokoboko ba matlung a mahosi.


Johanne o ne a apara seaparo se entsweng ka boya ba kamele, a itlama ka leqhama la letlalo thekeng; dijo tsa hae e ne e le ditsie le mahe a dinotshi tsa naha.


empa ke a le bolella, esita le Solomone tlotleng yohle ya hae ha a ka a apara jwaloka e nngwe ya tsona.


“Ho ne ho ena le monna e mong wa morui, ya neng a apara diaparo tse perese, tse ntlehadi, a ithabisa ka ho etsa mekete ka tsatsi le leng le le leng.


Yare hoba baromuwa ba Johanne ba tlohe, Jesu a qala ho bolella matshwele ka Johanne, a re: “Le ne le ilo bona eng feelleng? Lehlaka le tsukutlwang ke moya?


Ehlile le ne le ilo bona eng? Le ilo bona moporofeta na? E, ke a le bolella: e moholo le ho feta moporofeta.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos