Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 7:24 - BIBELE

24 Yare hoba baromuwa ba Johanne ba tlohe, Jesu a qala ho bolella matshwele ka Johanne, a re: “Le ne le ilo bona eng feelleng? Lehlaka le tsukutlwang ke moya?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Eitse hobane ba romilweng ke Johanne ba tlohe, Jesu a qala ho bolella bongata bakeng sa Johanne, a re: Le ne le ile ho bonang feelleng? A e ne e le lehlaka le tsukutlwang ke moya na?

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

24 Eitse hobane manqosa a Johanne a tlohile, a qala ho bolella bongata ka Johanne, a re: Le ne le ile ho bonang feelleng? Lehlaka le tsokoang ke moea?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

24 Eitse hobane manqosa a Johanne a tlohile, a qala ho bolella bongata ka Johanne, a re: Le ne le ile ho bonang feelleng? Lehlaka le tsokoang ke moea?

Ver Capítulo Copiar




Luka 7:24
14 Referencias Cruzadas  

O ka metsi a tsapolong, empa o ke ke wa ba feta ka boholo, hobane wa na wa kena kobong tsa mohatsa ka, wa hlompholla phate tsa ka ka ho hlwella ho tsona.


Ngwana a hola, a matlafala moyeng, mme a hlola lefeelleng ho fihlela a hlahiswa ho Iseraele.


mehleng ya Baprista ba Baholo Hannase le Kaiafa, lentswe la Modimo la fihlela Johanne, mora Sakariya, a le lefeelleng.


ho lehlohonolo mang le mang ya sa kgopiseheng ka baka la ka.”


Hantlentle le ne le ilo bona eng? Motho ya diaparo tse mabokoboko? Ba diaparo di mabokoboko ba phela menateng, ba matlung a mahosi.


A re: “Nna ke lentswe la ya howang feelleng, le reng: ‘Otlollang mmila wa Morena!’ “jwalokaha moporofeta Esaya a ne a bolele.”


Ka hona ha re sa tla hlola re eba masea a tsokoletswang kwana le kwana, a fefolwang ke moya ofe le ofe wa dithuto tsa batho ba mano, ba kgelosang ka maqiti a bona.


Batho bao ba jwaloka didiba tse psheleng, ba jwaloka maru a fefolwang ke sefefo; ba boloketswe lefifi le letsho.


Jwale lona baratuwa, erekaha le lemositswe e sa le pele, itlhokomeleng, le se ke la hohelwa ke batho ba kgopo, ba kgelohileng, la tloha la lahlehelwa ke ho tiya ha lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos