Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 5:26 - BIBELE

26 Yaba bohle ba a hlollwa, ba tlotlisa Modimo, ba tlala tshabo, ba re: “Kajeno re bone dimakatso.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Ba hlollwa kaofela, ba rorisa Modimo, mme ba tlala tshabo, ba re: Re bone dimakatso kajeno.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

26 Ba hlollwa bohle, ba tlotlisa Modimo, ba tlala tshabo, ba re: Re bone dimakatso kajeno.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

26 Ba hlollwa bohle, ba tlotlisa Modimo, ba tlala tshabo, ba re: Re bone dimakatso kajeno.

Ver Capítulo Copiar




Luka 5:26
13 Referencias Cruzadas  

Lebitso la motse ona le tla nthabisa, e be thoriso le tlotla ho ditjhaba tsohle tsa lefatshe, tse tlang ho utlwela tsohle tse molemo, tseo ke di etseditseng motse ona. Ditjhaba tseo di tla tshaba, di thothomele ka baka la tsohle tse molemo, le ka baka la nala yohle, e leng tseo ke di etseditseng motse ona.


Kamora moo bana ba Iseraele ba tla kgutla, ba batle Morena Modimo wa bona, le Davida, kgosi ya bona. Qetellong ba tla kgutlela ho Morena ba ntse ba tlakasela, mme ba amohele mahlohonolo a hae.


Matshwele kaofela a hlollwa, a re: “Na eo hase Mora Davida?”


Ba tloha kapele lebitleng, ka tshabo le ka thabo e kgolo, ba matha ho ya tsebisa barutuwa ba hae.


Yare ha matshwele a bona hoo, a tshoha, mme a tlotlisa Modimo ya neileng batho matla a jwalo.


Hanghang a tsoha, a nka diphate tsa hae, a tswa, bohle ba mo tadimile, hoo ba ileng ba hlollwa haholo, mme ba tlotlisa Modimo, ba re: “Ha re eso bone ntho e tjena!”


Tshabo ya wela bohle ba ahisaneng le yena, mme ditaba tseo kaofela tsa buuwa naheng yohle e maloti, ya Judea,


Ha Simone Petrose a bona hoo, a itihela mangweleng a Jesu, a re: “Morena, tloha ho nna, hobane ke motho wa moetsadibe!”


Jwale bohle ba tshoha, mme ba tlotlisa Modimo, ba re: “Moporofeta e moholo o teng hara rona.” Hape ba re: “Modimo o etetse setjhaba sa hae.”


Yaba bongata bohle ba tikoloho ya Bagerasa bo kopa Jesu hore a tlohe ho bona, hobane ba ne ba tshohile haholo. A kena ka sekepeng a kgutla.


Yare hoba ba eketse ho ba hlokomedisa ka ditshokelo, ba ba lokolla. Ka baka la setjhaba ba hloka seo ba ka ba ahlolelang sona, hobane setjhaba sohle se ne se tlotlisa Modimo ka se etsahetseng.


Tsa tlotlisa Modimo ka baka la ka.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos