Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 5:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Ba hlollwa kaofela, ba rorisa Modimo, mme ba tlala tshabo, ba re: Re bone dimakatso kajeno.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

26 Yaba bohle ba a hlollwa, ba tlotlisa Modimo, ba tlala tshabo, ba re: “Kajeno re bone dimakatso.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

26 Ba hlollwa bohle, ba tlotlisa Modimo, ba tlala tshabo, ba re: Re bone dimakatso kajeno.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

26 Ba hlollwa bohle, ba tlotlisa Modimo, ba tlala tshabo, ba re: Re bone dimakatso kajeno.

Ver Capítulo Copiar




Luka 5:26
13 Referencias Cruzadas  

Motse ona ho nna e tla ba lebitso la thabo le dithoko le kganya pela ditjhaba tsohle tsa lefatshe tse tlang ho utlwa molemo kaofela oo ke tla o etsetsa wona; di tla tshaba, di thothomele ka baka la molemo wohle le la boiketlo bohle boo ke tlang ho o etsetsa jona.


Empa hamorao, bana ba Iseraele ba tla kgutla, ba batle Jehova, Modimo wa bona, le Davida, morena wa bona; mehleng ya morao, ba tla itlhahanela ho Jehova le ho molemo wa hae.


Mme bongata bohle ba hlollwa, ba re: Ana enwa hase mora Davida na?


Ba phakisa ba tloha lebitleng ka tshabo le ka thabo e kgolo, ba matha, ba ya bolella barutuwa ba hae.


Bongata ha bo bona hoo, ba tsota, mme ba rorisa Modimo, kahobane o neile batho matla a makalo.


A ema kapele, a nka diphate, a tswa pontsheng ho bona bohle. Ba hlollwa bohle, ba rorisa Modimo, ba re: Ha re eso ho ka re bona ho jwalo!


Ba ahisaneng le yena ba tshwarwa bohle ke tshabo; ditaba tseo tsa hasana kahohle maloting a Judea.


Simone Petrose, eitse ha a bona hoo, a itihela maotong a Jesu, a re: Morena, tloha ho nna, hobane ke monna wa moetsadibe.


Mme bohle ba tshwarwa ke tshabo, ba rorisa Modimo, ba re: Moporofeta e moholo o hlahile hara rona; Modimo o etetse setjhaba sa wona.


Yaba batho bohle ba kamathoko a naha ya Bagergesene ba rapela Jesu hore a tlohe ho bona; hobane ba ne ba tshwerwe ke tshabo e kgolo. Haele yena a kena sekepaneng, a kgutla.


Jwale, ba ba lokolla ba ntse ba ba sokela, ba sa bone kamoo ba ka ba otlang kateng ka baka la setjhaba; hobane bohle ba ne ba tlotlisa Modimo ka baka la se entsweng.


Mme di ne di leboha Modimo ka baka la ka.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos