Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 4:28 - BIBELE

28 Bohle ba ka tlung ya thapelo ba tlala kgalefo ha ba utlwa tsena,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Ba leng sinagogeng ba tlala bohale kaofela, ha ba utlwa dipolelo tseo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

28 Bohle ba neng ba le ka tlung ya thapelo, ha ba utlwa tsena, ba tlala kgalefo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

28 Bohle ba neng ba le ka tlung ya thapelo, ha ba utlwa tsena, ba tlala kgalefo.

Ver Capítulo Copiar




Luka 4:28
13 Referencias Cruzadas  

Asa a halefela moporofeta, a ba a mo kenya tjhankaneng. O ne a mo halefetse ka baka la polelo ena, mme ka yona nako eo Asa a phedisa batho ba bang ka thata.


Yaba ba nka Jeremia, ba mo akgela ka mokoting a tjhekilweng ke Malakiya, mora wa kgosi, o neng o le lebaleng la tjhankana, ba mo theolela ka mokoting ka mehala. Ho ne ho se metsi ka mokoting, haese seretse feela. Yaba Jeremia o tetebela seretseng.


Yare ha Heroda a lemoha hore o phomilwe ke Ba Bohlale, a halefa haholo, a laela hore ho bolawe masea wohle a bashanyana a Betlelehema le a tikolohong yohle ya teng, a dilemo di pedi le katlase, ho ya ka nako eo a e botsisisitseng ho Ba Bohlale.


Ho ne ho bile ho ena le balepera ba bangata Iseraeleng mehleng ya moporofeta Elisha, mme ha ho a ka ha hlwekiswa le ya mong wa bona, haese Mosiria Naamane feela.”


ba ba ba ema, ba mo kgarameletsa kantle ho motse, ba mo isa selomong sa thabana eo motse wa bona o hahilweng letswapong la yona, ba re ba a mo dihela,


Empa bona ba tlalwa ke kgalefo, ba buisana ka seo ba ka se etsang Jesu.


Ha lekgotla le utlwa, la hlabeha haholo, mme la rera ho ba bolaya.


Yare ha ba utlwa tsena, dipelo tsa bona tsa hlabeha, mme ba mo tsikitlanyetsa meno.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos