Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 4:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Ba leng sinagogeng ba tlala bohale kaofela, ha ba utlwa dipolelo tseo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

28 Bohle ba ka tlung ya thapelo ba tlala kgalefo ha ba utlwa tsena,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

28 Bohle ba neng ba le ka tlung ya thapelo, ha ba utlwa tsena, ba tlala kgalefo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

28 Bohle ba neng ba le ka tlung ya thapelo, ha ba utlwa tsena, ba tlala kgalefo.

Ver Capítulo Copiar




Luka 4:28
13 Referencias Cruzadas  

Empa Asa a halefela seboni, mme a se hlahlela teronkong, kahobane a ne a se hlonametse ka baka la taba tsa sona. Hape, hona mohlang oo, Asa a tuba ba bang ba setjhaba.


Ba tshwara Jeremia, ba mo lahlela lemeneng la Malkia, mora morena, le neng le le lebaleng la ntlo ya teronko; ba theolela Jeremia teng ka marapo; ho ne ho se metsi lemeneng, empa le le seretse, mme Jeremia a tetebela seretseng.


Jwale, Heroda ha a bona hobane o phomilwe ke ba bohlale, a halefa haholo; a romela ho bolaya bana bohle ba Bethlehema le ba naha yohle ya teng, ba lemo tse pedi le ba ba hlahlamang, a lekanya ka nako eo a e botsisisitseng ba bohlale.


Le balepera ba bangata ba ne ba le teng Iseraeleng mehleng ya moporofeta Elisha, empa ha ho a ka ha eba e mong wa bona ya ntlafaditsweng, haese Naamane wa Mosiria.


Ba ema, ba mo lelekela kantle ho motse, ba mo isa selomong sa thaba eo motse wa bona o hahilweng hodima yona, ba re, ba ya mo dihela.


Ba tlala bohale, mme ba rera hammoho seo ba tla se etsa ho Jesu.


Yare ha ba lekgotla ba utlwa tseo, ba tlalwa ke dipelo, mme ba ne ba rata ho ba bolaya.


Eitse ha ba utlwa taba tseo, ba tlalwa ke dipelo, mme ba mo tsikitlanyetsa meno.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos