Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 12:17 - BIBELE

17 A nahana ka pelong ya hae, a re: ‘Ke tla etsang, ha e le moo ke se na moo nka bokellelang dijo tsa ka teng?’

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Yaba o nahana ka ho yena, a re: Ke tla etsa jwang; hobane ha ke na moo nka bokellang dijo tsa ka teng?

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

17 A nahana ka ho yena, a re: Ke tla etsa jwang, haele moo ke se na moo nka kalang ditholwana tsa ka teng?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 A nahana ka ho yena, a re: Ke tla etsa jwang, haele moo ke se na moo nka kalang ditholwana tsa ka teng?

Ver Capítulo Copiar




Luka 12:17
23 Referencias Cruzadas  

Bo abele ba supileng kapa ba robedi kaha tsietsi tsa lefatshe o ke ke be wa di tseba.


Ke hore o abelane dijo le ba lapileng, o amohele baleleri lapeng la hao, ba hlobotseng o ba fe diaparo, bang ka wena o ba thuse.


Ba buisana ba le bang, ba re: “Ke hobane ha re a tla le bohobe!”


Fa ya o kopang, mme o se ke wa furalla ya ratang ho adima ho wena.”


Jwale ha ema Setsebi se seng sa Molao, mme ka ho leka Jesu, sa re: “Moruti, eka kgona ke etseng hore ke rue bophelo bo sa feleng?”


Leha ho le jwalo, fanang ka se tswang botebong ba pelo, mme bonang, tsohle di tla be di hlwekile ho lona.


Jwale a ba bolella setshwantsho, a re: “Tshimo ya morui e mong e ne e behile haholo.


“Yaba o re: ‘Ke tla etsa hona: Ke tla qhaqholla disiu tsa ka, ke etse tse di fetang ka boholo, ke bokelle teng koro yohle le dijo tsa ka,


A re ho barutuwa: “Ka baka leo, ke a le bolella, le se ke la itshwenya ka bophelo ba lona, hore na le tla jang, leha e le ka mmele ya lona, hore na le tla aparang,


Lona le se ke la batla seo le ka se jang, le seo le ka se nwang, mme le se ke la belaela,


Rekisang maruo a lona, mme le thuse mafutsana; iketsetseng mekotlana e sa tsofaleng, letlotlo le sa feleng, mahodimong, moo ho sa atameleng leshodu, leha e le tshwele ho senya,


“Jwale mookamedi a re ka ho yena: ‘Ke tla etsang, ha e le moo monga ka a nkamoha bookamedi? Ha ke na matla a ho sebetsa ka thata, le teng ke dihlong ho kopa.


“Nna ke a le bolella: Iketsetseng metswalle ka leruo le sa lokang, hore e tle ere ha le fela, ba le amohele meahong e sa feleng.


Yare ha Jesu a utlwa hoo, a re ho yena: “O sa haellwa ke ntho e le nngwe: Rekisa tsohle tseo o nang le tsona, o abele mafutsana, mme o tla ba le letlotlo lehodimong, jwale o tle, o ntatele.”


“A re ho yena: ‘O entse hantle, mohlanka ya kgabane, hobane o ile wa tshepahala nthong e nyenyane, busa metse e leshome.’


A araba, a re: “Ya nang le diaparo tse pedi a fe ya se nang letho, le ya nang le dijo a etse jwalo.”


A ba isa kantle, a re: “Benghadi, eka kgona ke etse eng hore ke tle ke pholoswe?”


Yare ha ba utlwa ba ameha maikutlo, ba re ho Petrose le ho baapostola ba bang: “Re etse jwang, banna ba heso?”


Kenyang letsoho thusong ya badumedi ba hlokang, thabelang ho amohela baeti.


Laela barui ba tsa lefatshe lena hore ba se ke ba ikgohomosa, ba tshepa maruo a felang, ba mpe ba tshepe Modimo ya re fang tsohle ka bongata hore re di thabele.


Re tseba seo lerato le leng sona ka sena: Kreste o re teletse bophelo ba hae; le rona re tshwanetse ho tella bana babo rona bophelo ba rona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos