Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 12:16 - BIBELE

16 Jwale a ba bolella setshwantsho, a re: “Tshimo ya morui e mong e ne e behile haholo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 A ba bolella le setshwantsho, a re: Masimo a morui a ne a beile haholo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

16 A bua le bona ka setshwantsho, a re: Tshimo ya morui e mong e ne e beha haholo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 A bua le bona ka setshwantsho, a re: Tshimo ya morui e mong e ne e beha haholo.

Ver Capítulo Copiar




Luka 12:16
13 Referencias Cruzadas  

Malapeng a batupi teng ho rena kgotso, ba phephetsang Modimo ba phela ka boiketlo, bao matla a bona e leng wona modimo wa bona.


O a ba sireletsa, ba be ba rue letshepa, athe metsamao ya bona yona o e disitse.


Ba kgopo ba jwalo; kamehla ba qhwaolla dikobo, ba ikatisetsa maruo.


hobane ke ne ke honohela baikakasi, ha ke bona katleho ya ba kgopo.


“ ‘Bona mona he, sena e bile sona sebe sa moena wa hao Sodoma: Yena le baradi ba hae ba ne ba ikgohomosa, ba pesotse dimpa, ba phela ka boiketlo, ba sa thuse bafumanehi kapa bahloki.


O na sa tsebe hore mofani ke nna, mofani wa koro le veine le ole, ya mo fileng silefera le kgauta e ngata, eo ba sebeleditseng Baale ka yona.


Empa peo e nngwe ya wela mobung o motle, mme ya beha: E nngwe tse lekgolo, e nngwe tse mashome a tsheletseng, e nngwe tse mashome a mararo.


hore le be bana ba Ntata lona ya mahodimong, hobane o tjhabisetsa ba kgopo le ba molemo letsatsi la hae, mme o nesetsa ba lokileng le ba sa lokang pula.


A re ho bona: “Hlokomelang, le pheme meharo yohle, hobane bophelo ba motho ha bo tswe bongateng ba maruo ao a nang le wona.”


A nahana ka pelong ya hae, a re: ‘Ke tla etsang, ha e le moo ke se na moo nka bokellelang dijo tsa ka teng?’


Leha ho le jwalo, ha a a ka a lesa ho ipaka ka ho etsa tse molemo, ka ho le fa pula e tswang lehodimong le kotulo ka nako ya yona, ho le kgorisa, le ho nyakalatsa dipelo tsa lona.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos