Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 10:16 - BIBELE

16 “Ya le utlwang o a nkutlwa, ya le hanang o a nkgana, mme ya nkganang o hana ya nthomileng.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Ya le utlwang, o a nkutlwa; mme ya le lahlang, o a ntahla; mme ya ntahlang, o lahla ya nthomileng.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

16 Ya le utlwang o a nkutlwa; mme ya le nyatsang, o a nyedisa nna; mme ya nnyatsang, o nyedisa ya nthomileng.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 Ya le utlwang o a nkutlwa; mme ya le nyatsang, o a nyedisa nna; mme ya nnyatsang, o nyedisa ya nthomileng.

Ver Capítulo Copiar




Luka 10:16
17 Referencias Cruzadas  

Hoseng le tla bona tlotla ya Morena, hobane o utlwile kamoo le mo korotlelang kateng. Jwale rona re bo-mang, hoo le ka re korotlelang?”


Moshe a re: “Ke Morena ya tla le fa nama mantsiboya, hore le je; le bohobe hoseng, hore le kgore, hobane o utlwile kamoo le mo korotlelang kateng. Rona re bo-mang? Ha le korotlele rona, le korotlela Morena.”


“Mora o hlompha ntatae, mohlanka le yena o hlompha monga hae. Haeba nna ke le ntata lona, ha le ntlhomphe keng? Haeba nna ke le monga lona, ha le ntshabe keng?” ho rialo Morena wa mabotho. “Lona baprista, ke lona ba tlontlollang lebitso la ka. “Empa le a mpotsa, le re: ‘Re tlontlolotse lebitso la hao jwang?’


Morena a re ho Moshe: “Setjhaba see se tla nnyedisa ho fihlela neng? Se tla hana ho ntumela ho fihlela neng, leha se bone dipontsho tsohle tseo ke di entseng hara sona?


Bana ba Iseraele bohle ba korotlela Moshe le Arone, mme setjhaba sohle sa re ho bona: “Hoja re hlile ra shwella naheng ya Egepeta, kapa ebe re shwetse lehwatateng lena!


Ke ka hona wena le balatedi bohle ba hao le ikopantseng ho lwantsha Morena. Arone ke mang, haeka le a mo korotlela tjee?”


“Ya le amohelang o a nkamohela, mme ya nkamohelang o amohela ya nthomileng.


Mang kapa mang ya amohelang ngwana ya jwaloka enwa lebitsong la ka, o a nkamohela.”


“Mang le mang ya amohelang e mong wa bana ba jwaloka enwa lebitsong la ka, o a nkamohela, mme ya nkamohelang, ha a amohele nna, empa o amohela ya nthomileng.”


a re ho bona: “Mang le mang ya amohelang ngwana enwa lebitsong la ka, o a nkamohela, mme ya nkamohelang o amohela ya nthomileng, hobane ya leng monyenyane hara lona bohle, ke yena e moholo.”


Jwale Jesu a phahamisa lentswe, a re: “Ya dumelang ho nna ha a dumele ho nna, empa o dumela ho ya nthomileng,


Ya nkganang, a sa amohele dipolelo tsa ka, o na le ya mo ahlolang: lentswe leo ke le buileng le tla mo ahlola ka tsatsi la bofelo,


Kannetenete, ke a le bolella, ya amohelang eo nka mo romang, o a nkamohela, mme ya nkamohelang, o amohela ya nthomileng.”


Ha e eso rekiswe, na e ne e se ya hao na? Ha e se e rekisitswe, na tjhelete e ne e se matleng a hao na? Ke ka baka lang o ileng wa rera ka pelong ya hao ho etsa ketso ee? Ha o a thetsa batho, empa o thetsitse Modimo.”


Ha le a ka la wela molekong wa ho nnyedisa kapa ho nnyekellwa ka baka la boemo ba mmele wa ka, empa le nkamohetse e ka ke lengeloi la Modimo, le jwalokaha le ka amohela Kreste Jesu.


Ka baka leo, ya hanang ditaelo tsena ha a hane motho, empa o hana Modimo, yena ya le neang Moya wa hae o Halalelang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos