Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 10:15 - BIBELE

15 Na le wena Kaperenauma, “ ‘ebe o tla phahamisetswa lehodimong? O tla dihelwa tlase lebitleng!’

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Haele wena Kapernauma, ya phahamisitsweng ho fihlela lehodimong, o tla kokobetswa ho fihlela nqalong ya bafu.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

15 Le wena Kapernauma, o phahamiseditsweng lehodimong, o tla diheloa diheleng.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Le wena Kapernauma, o phahamiseditsweng lehodimong, o tla diheloa diheleng.

Ver Capítulo Copiar




Luka 10:15
20 Referencias Cruzadas  

Ba re: “Tloong, re ikgaheleng motse, le tora eo tlhoro ya yona e tla fihla lehodimong; mabitso a rona a tle a tume, esere ra tshoha re qhalaqhalana le lefatshe lohle.”


Kahoo lebitla le ba lapetse, le se le ahlame, le ba emetse; kgabane tsa bona le matshwele di theohela teng, di theohela le menyaka le marata a tsona.


Leha Babilona e ka nyolohela lehodimong, ya sireletsa marako a qhobosheane tsa yona, ke tla e romela batupi ba e futuhele,” ho rialo Morena.


ke tla o theolela tlase, hammoho le ba theohelang tlase mohohlong, ho setjhaba sa boholoholo. Ke tla o dudisa lefatsheng le katlase, masuping a boholoholo, mmoho le ba theohelang tlase mohohlong. Ha o ka ke wa hlola o kgutla teng kapa o eba le kabelo lefatsheng la ba phelang.


“ ‘Ke sefe sa difate tsa Edene se ka tshwantshwang le wena ka boholo le ka tlotla? Empa o tla theohela lebitleng le difate tsa Edene; o tla rapalla hara maqai le hara ba ileng ba bolawa ka sabole. “ ‘Enwa ke Faro le setjhaba sa hae sohle, ho rialo Morena Modimo.’ ”


“Wena ngwana motho, llela setjhaba sa Egepeta, ebe o se romela Nqalong ya Bafu mmoho le baradi ba ditjhaba tse ding tse matla, tse theohetseng mohohlong.


“Setjhaba sa Egepeta se tla shwela hara ba bolailweng ka sabole. Se abetswe sabole, kahoo se hulele ho yona le mabotho wohle a sona.


Empa ha ba a epelwa le bahlabani ba maqai ba bolailweng, ba theohetseng Nqalong ya Bafu le dihlomo tsa bona tsa ntwa, ba ileng ba sama disabole tsa bona, ditopo tsa bona tsa kwahelwa ka dithebe tsa bona, le hoja ba ile ba tshosa dinatla tse phelang lefatsheng.


Leha o ka fofela hodimo sa ntsu, wa haha hlaha sa hao, wa se haha hara dinaledi, ke tla o tlosa hona moo, ke o theole,” ho rialo Morena.


Le se ke la tshaba ba bolayang mmele, empa ba ke ke ba bolaya moya; le mpe le tshabe ya nang le matla a ho timetsa moya le mmele diheleng.


Na le wena Kaperenauma, “ebe o tla phahamisetswa lehodimong? O tla theohela tlase lebitleng! “Hoja diketso tse hlollang tse entsweng kahare ho wena di ne di entswe kahara Sodoma, motse oo o ka be o sa le teng le kajeno-ya-bokajeno.


A tloha Nasaretha, a tla aha Kapernauma e lebopong la letsha, tikolohong ya Sebulone le Nafthali,


“Teng ho tla ba le seboko le ditsikitlano tsa meno, ha le bona Aborahama, le Isaka, le Jakobo, le baporofeta bohle Mmusong wa Modimo, empa lona le lahlelwa kantle.


Ha a phahamisa mahlo a le ditlhokofatsong, Nqalong ya Bafu, a bona Aborahama a le hole, Lasaro a le sefubeng sa hae.


Ekaba re nyolohela kae? Bana babo rona ba re nyahamisitse dipelo, ba re: Baahi ba moo ke dinatla, mme ba balelele ho re feta. Metse ya bona e meholo, e na le diqhobosheane tse fihlang marung. Le Baanake re ile ra ba bona hona moo.’


Modimo ha a a ka a qenehela mangeloi a entseng sebe, empa o ile a a dihela diheleng, madumeleng a lefifi, moo a boloketsweng letsatsi la kahlolo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos