Levitike 7:16 - BIBELE16 “ ‘Empa ha sehlabelo e le nyehelo ya boikano kapa ya boithaopo, se tla jewa mohla letsatsi la nyehelo, mme se ka salang se tla jewa ka letsatsi la hosasane. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)16 Ekare ha motho a hlahisa sehlabelo ho lefa kano eo a anneng ka yona, kapa e le sehlabelo sa boithatelo, nama ya sona e tla jewa ka lona letsatsi la sehlabelo, mme se ka salang se tla jewa hosasane. Ver Capítulo |
Sebaka seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha e le moo a tla dula teng, ke ho sona le tlang ho isa tsohle tseo ke le laetseng tsona: dinyehelo tsa lona tsa setjheso, le mahlabelo a lona, le karolo e le nngwe ho tse leshome tsa motho ka mong, le dinyehelo tsa lona tse akgotswang, le dikano tsa lona tse kgethehileng, tseo le di etseditseng Morena.
Kahara metse ya lona le se ke la ja tse latelang: karolo e le nngwe ho tse leshome tsa motho ka mong, tsa koro ya lona, kapa tsa veine ya lona e ntjha, kapa tsa ole ya lona, kapa tsa matsibolo a mehlape ya dikgomo tsa lona; kapa efe kapa efe ya dikano tseo le ikanneng ka tsona, kapa dinyehelo tsa lona tsa boithaopo, kapa dinyehelo tsa lona tse akgotswang.